

Kopo ya clearance certificate ya mapolesa ya kgatiso ya menwana

Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Tshebeletso ena e fuwa batho ba hlokang tiisetso ya boemo ba bona mabapi le molao bakeng sa merero ya bofalli kapa bakeng sa ho ya sebetsa mose nako e telele.

Ho tla fanwa ka setifikeiti se bolelang hore na ho na le ditlolo tsa molao tse entsweng ke mokopi na.

Le ha ho nkuwa ha dikgatiso tsa menwana ho etswa diteisheneng tsa mapolesa tsa dibaka, hlophollo ya tsona mmoho le setifikeiti se ntshwang bakeng sa tsona di etswa ke ba SAPS Criminal Record Centre mane Pretoria feela.

Hodimo

Mehato e latelwang

Ho tla fanwa ka sete e felletseng ya kgatiso tsa menwana ya hao, e nkuweng seteisheenng se haufi le wena sa mapolesa, e nehwe ba SAPS Criminal Record Centre. Etsa bonnete ba hore mabitso a hao ka botlalo, sefane, letsatsi la tswalo, sebaka sa tswalo le nomoro ya boitsebiso  di ngolwa fatshe foromong ya kgatiso tsa menwana.
E ya le tokomane ya hao ya boitsebiso seteisheneng sa mapolesa hobane ho tla batleha bopaki ba boitsebiso.

Re kopa hore o ele hloko hore tse ding tsa diteishene tsa mapolesa di ka amohela dikopo tsena ka nako ya mosebetsi feela .

Baahi ba Afrika Borwa ba dulang ka ntle ho naha ba ka etsa kopo seteisheneng sefe kapa sefe sa mapolesa naheng eo kapa ho Embasi ya Afrika Borwa. Ho ka nkuwa kgatiso tsa menwana diforomong tsa semmuso tsa kgatiso tsa menwana tsa naha eo e amaheng. Foromo ya kgatiso tsa menwana e lokelwa ho saenwa ke motho ya nkang kgatiso tsa menwana. Sete e felletseng ya kgatiso ya menwana le khopi ya tokomane ya boitsebiso ya mokopi kapa phasepoto e lokela ho tsamaya le kopo.
Ba seteisheneng sa mapolesa ba tla romela kopo ho ba Criminal Record Centre. Tlasa maemo a tshohanyetso, mokopi a ka romela kopo ka poso atereseng ena:
The Head of the South African Criminal Record Centre

Private Bag X308
PRETORIA
Gauteng
South Africa
0001
Kopo e ka iswa hape le atereseng ena:
The Head of the South African Criminal Record Centre

Sanlam Plaza West
CRC Client Service Centre
1st Floor
271 Schoeman Street
PRETORIA
Tefello ya tshebeletso e ka etswa ka tjheke e tiiseditsweng ya banka kapa money order e tla ngolwa lebitsong la National Commissioner of the South African Police Service.
Clearance certificate ya mapolesa ho ka boelwa ho fanwa ka yona hape kgetlong le leng mahala ha e ka kotjwa dikgweding tse tsheletseng tsa kopo ya mantlha. E re ka ha ditifikeiti di bolokwa rekotong dikgwedi tse robong feela, ho tshwanetswe hore ho romelwe kopo e ntjha ka mora ho ba ho fete dikgwedi tse robong.

Hodimo

Molao o sebediswang



South African Police Service Act, 1995  

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Ho ka fanwa ka setifikeiti matsatsing a 28 a mosebetsi. Ditifikeiti tse hlokwang di ka romelwa ho mokopi ka poso e tlwaelehileng, ntle le ha ho na le ditlhophiso tse entsweng tsa ho lata ditokomane ka seqo kapa ka tshebeletso ya courier service  ho tswa ho ba Criminal Record Centre.

Hodimo

Ditjeo

R59

Ho fuwa hape dikgweding tse tsheletseng ke mahala.

Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang

Diforomo tse tshwanetseng tsa kgatiso tsa menwana di tlatswa ke lepolesa.

Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


