

Kopo ya ho eketsa nako kapa ho fetola phemiti ya mosebetsi ya motho ya hirilweng

Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Tshebeletso ena ke ya batho ba tshwereng diphemiti ba batlang ho eketsa nako kapa ho fetola diphemiti tsa bona tsa mosebetsi. Kopo ya keketso ya nako kapa phetolo e lokelwa ho etswa dibeke tse robedi pele ho fela nako ya phemiti. Diphemiti tse felletsweng ke nako di ke ke tsa ekelletswa nako.

Hodimo

Mehato e latelwang

tlatsa foromo ya kopo ya BI-159: G ofising efe kapa efe ya Ditaba tsa Lehae. Etsa kopo Embasing kapa Misheneng wa Afrika Borwa ha o le mose
boramesebetsi ba lokela ho tlatsa karolo ya 6 le ya 6.1 ya foromo ya kopo
boramesebetsi ba lokela ho saena phatlalatso mme ba e kenye setempe sa khampani
Ha setempe se le siyo, ho hirwa ho lokelwa ho tiisetswa lengolong le ka thoko le nang le mabitso le dintlha tsa khampani
romela clearance certificate ya mapolesa 
romela khopi ya konteraka ya semmuso ya ho hirwa
romela, ha ho tshwaneleha, bopaki ba ngodiso le mokga o tshwanetseng wa profeshenale
romela sesupo sa merero ya nakong e tlang ya mokopi
romela dipapatso tsa sekgeo sa mosebetsi, haebe nako ya konteraka ya mantlha e tla ekeletswa nako
romela raporoto ya kgatelopele e tiisetsang hore baahi ba naha ya Afrika Borwa/badudi ba saruri ba rupelletswe kapa ba ntse ba rupellwa.

Hodimo

Molao o sebediswang



Immigration Act, 2002 , as amended 

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Dikopo di ka nka matsatsi a ka bang 30.

Hodimo

Ditjeo

R1 520

Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang

Application for an extension of the validity  of an existing permit, BI-159  ya phemiti e leng teng)

Ela hloko: Diforomo ha di fumanehe khomputeng. Ikopanye le ofisi ya lefapha le haufi le wena.

Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


