
Kopo ya ho nehelwa lengolo la bopaki la phytosanitary la ho romella ka ntle dimela le dihlahiswa tsa dimela
Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Baromelli ka ntle ba dimela le dihlahiswa tsa dimela ba tlameha ho fumana matla a phytosanitary ka mokgwa wa tumello ya setswantle e nehelwang ke Lekgotla la Naha la Tshireletso ya Dimela   la naha e amohelang setswantle le lengolo la bopaki la phytosanitary le tswang ho NPPO ya Afrika Borwa.

Hodimo

Mehato e latelwang

Fumana ho moreki wa setswantle kapa akgente ho naha ya setswantle hore maemo a phytosanitary a setswantle a naha e amohelang setswantle a kenyeletsa eng. NPPO ya Afrika Borwa le yona e ka nehelana ka tlhahisoleseding.
Akgente kapa moreki wa setswantle naheng e amohelang setswantle o tlameha ho etsa kopo ya matla a tshwanang le tumello ya setswantle ho NPPO ya naha e amohelang setswantle. Maemo a setswantle a hlomamisitswe tumellong ya setswantle.
Ka tshebedisano le NPPO ya Afrika Borwa, hlomamisa hore na o a tsamaelana kapa tjhee le maemo a setswantle a naha e amohelang setswantle.
Ha o kgona ho tsamaelana le maemo a setswantle, moromelli ka ntle a ka etsa kopo ya lengolo la bopaki la phytosanitary ho NPPO ya Afrika Borwa.
Moromelli ka ntle o tlameha ho nehelana ka thepa e tla romelwa ka ntle ho NPPO ya Afrika Borwa bakeng sa ho e hlahloba le ho nehelana ka lengolo la bopaki.
NPPO ya Afrika Borwa e nehelana ka lengolo la bopaki la phytosanitary ha thepa e tsamaelana le ditlhoko tsa ditswantle tsa naha e amohelang ditswantle.
Thepa e tlameha ho romelwa ka ntle nakong ya matsatsi a 14 a tlhahlobo ya ho qetela.
Lengolo la bopaki la sethatho la phytosanitary le tshwanela ho tsamaya le thepa.
Ha dimela kapa dihlahiswa tsa dimela di fihla ledibohong la ho kena naheng e amohelang setswantle, bahlahlobi ba NPPO ba naha e amohelang ditswantle ba tla di tshwara ho lokisetsa tekolo le tlhahlobo ya tsona.
Akgente kapa moreki wa ditswantle o tshwanela ho hlakisa ditokomane tsohle le diofisiri tsa tlhakiso tsa naha e amohelang ditswantle ledibohong la ho kena.

Hodimo

Molao o sebediswang

Agricultural Pests Act, 1983  

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Nako e nkuwang ya ho nehelana ka lengolo la bopaki la phytosanitary e itshetlehile ho export protocol  bakeng sa sehlahiswa se ikgethang le naha.

Hodimo

Ditjeo

Within official hours: R115 per certificate
Outside official hours:

weekdays from 16h00 - 20h00/ 06h00 - 07h30 and Saturdays from 06h00 - 20h00: R173 per certificate
weekdays and Saturdays from 20h00 - 06h00, Sunday and public holidays: R230 per certificate

On commercial and single items : R50 per certificate

Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang



Application for the issuance of a phytosanitary certificate 

Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona



