

Kopo ya tumello ya ho romella kantle


Tlhaloso

Tumello ya ho romella kantle ho naha e hlokwa ho etsa bonnete ba hore motho kapa mokgatlo o ikemiseditseng ho romella kantle o kgotsofatsa ditotobatso tsa ho romella kantle mmoho le ho kgotsofatsa dipehelo tsa ditumellano tsa matjhaba. Ditumello tsa ho romella kantle hape di thusa ho laola ho tswa ha diphahlo tsa mofuta o hlokolotsi kapa diphahlo tse tsamaiswang ka lenyele le tse utswitsweng.

Leano le sebetsang ho ditswantle le diphahlo tse romelwang kantle le fapane ho tloha karolong e nngwe ya indasteri ho ya ho e nngwe. Hape, bongata ba diphahlo tse ntjha di na le tesello ho mehato ya taolo ya ditswantle. Kahoo, ha o hloka tlhahisoleseding ka leano mabapi le setswantle le diphahlo tse kgethehileng tse romelwang kantle, thusa nehelana ka kopo ho ofisi ya Import and Export Control  Lefapheng la Kgwebo le Indasteri.

Ha se diphahlo tsohle kapa dihlahiswa tse tlasa mehato ya taolo ya ditswantle le/ kapa diphahlo tse romelwang kantle. Leha ho le jwalo, diphahlo tsohle, diphahlo tse seng ntjha, dintho tse sa hlokweng le masalla di tlasa mehato ya taolo ya ditswantle. Lenaneo la diphahlo tse tlasa mehato ya taolo ya ditswantle le tse romelwang kantle le a fumaneha.

Ha o nehelana ka dintlha tsa hao tsa dikgokahano, lenaneo lena le ka romelwa ho wena ka poso, ka fekse kapa ka e-meile.

Ha o batla ho tseba haholwanyane, e ya ho ba Kgwebo le Indasteri le Taolo

Mehato e latelwang

Hokahana le Lefapha la Kgwebo le Indasteri le Taolo ya Indasteri ya Ditswantle le Diphahlo tse Romelwang Kantle.
Tlatsa diforomo tsa kopo tse fumanehang ho Department of Trade and Industry .
Romela diforomo ho Lekala la Bolaodi: Import and Export Control .

Molao o sebediswang

International Trade Administration Act, 2002  

Maemo a tshebeletso

Ho ka nka ho a fihla ho matsatsi a mararo ho hlophisa kopo ya tumello ya ho romela kantle.

Ditjeo

Tshebeletso ke ya mahala.

Diforomo tse tlatsuwang

Application for export permit: motor vehicle

Application for export permit: ferrous and non ferrous waste and scrap

Application for an export permit general goods

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

