

Kopo ya lengolo la bopaki la ho romella jwala ka ntle

Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Ba ka bang baromelli ka ntle ba tshwanela ho ya ho website: www.wineonline.co.za, moo ba tlang ho fumana lenaneo le thehilweng ho inthanete la tshebetso yohle ya ho romella ka ntle. Baromelli ka ntle ba tshwanela ho ngodisa pele ba ka sebedisa lenaneo.

Hodimo

Mehato e latelwang

Ho ngodisa jwalo ka moromelli ka ntle, romela e-meyile ho rhonelb@nda.agric.za. Bona he ba tla o romellwa e-meyile ya tlhahisoleseding yohle e hlokwang ke moromelli ka ntle hore a ngodise.
O tla nehwa lebitso la ho kena  le password hore o sebedise lenaneo.
Etsa dikopo tsohle ka kgokahano ya inthanete.
Romela kopo e arohileng bakeng sa sehlahiswa se seng le se seng sa jwala se sa tshwaneng le dihlahiswa tse ding tsa jwala ka moromelli, sebopeho, leibole kapa nomoro ya pokello ya dihlahiswa.
Jwala bo romelwang bo tshwanela ho bolokwa ka thoko ho jwala bo bong. Sampole ya bonyane ba 2,25 ya dilithara  e tshwanela ho ntshuwa ho thomelo bakeng sa ho utlwa tatso. Disampole di tshwanela ho finyella dikantorong tsa Liquor Products  pele ho hora ya 16:00 ka Labobedi bakeng sa ho latswa ka Labone le pele ho hora ya 16:00 ka Labone bakeng sa ho latswa ka Labobedi.
sebisa Division Quality Audit  ya Lefapha la Temo founung ya 021 809 1704 pele o laesha thomelo efe kapa efe.
Ha o laesha ho setshelo sa thoto a ngata, o tshwanela ho ntsha sampole ya taolo ya  ho setshelo se seng le se seng. Ha mohlahlobi a le siyo meahong nakong eo o laeshang, wena, moromelli, ke boikarabelo ba hao ho ntsha le ho romela disampole tsa taolo ho Division Liquor Products  Stellenbosch.
Phatlalatsa ho laesha ho karolo nakong ya dihora tse 48.

Hodimo

Molao o sebediswang



Liquor Products Act, 1989  

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Jwalo ka basebedisi, baromelli ka ntle kapa baemedi ba bona ba amohetsweng jwalo ka diakgente tsa ho romela thepa, ba ka hatisa lengolo la bopaki ba thomello ka ntle ka bobona ho tswa ho website kapa ba a lata ho Division Liquor Product  Stellenbosch.
Lengolo la Division Liquor Products VI 1 le mangolo a bopaki a tlhophollo.

Hodimo

Ditjeo

Lengolo la bopaki la thomello le disampole: R58 mmoho le R4,50 ka hl
Kopo ya bolaodi: R27 mmoho le R4,50 ka hl
Ntjhafatso ya nako ya mohau ya kutlo: R115 mmoho le tefiso ya tlhophollo
Tokollo: R37
VI 1 le a mang mangolo a bopaki a tlhophollo: R27
Ho hlahlojwa ha dithomelo tsa thomello ka ntle ka mora dihora tsa mosebetsi: R520 ka hora kapa karolo ya yona.

Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang

Etsa kopo ka tsela ya khomputara.

Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


