﻿
Kopo e yang ho komiti ya ditshebeletso tsa bohlokwa hore e bolele hore na kgwebo ya ramosebetsi kaofela ha yona, kapa karolo ya yona, ke tshebeletso ya tlhokomelo    



Tlhaloso



Ramosebetsi a ka etsa kopo ka ho ngolla komiti ya ditshebeletso tsa bohlokwa hore e bolele hore kgwebo kapa tshebeletso ya ramosebetsi kaofela ha yona, kapa karolo ya yona, ke tshebeletso ya tlhokomelo.



Tshebeletso e ba tshebeletso ya tlhokomelo ha tshitiso ya tshebeletso eo e ama sebopeho sa sebaka sefe kapa sefe sa tshebetso, feketheri kapa metjhini.

Batho bafe kapa bafe bona bang ba nang le thahasello, matsatsing a 21 ka mora ho fumana setlankana sa kopo ena, ba ka romela karabo ho ba Tshebeletso ya Bohlokwa.


Ha o batla ho tseba haholwanyane e ya weposaeteng ya Lefapha la Mesebetsi

Mehato e lokelwang ho latelwa

Etsa kopo ya Tshebeletso ya Bohlokwa ya khomishene ya Bonamodi le Poelano 
Tlatsa foromo ya LRA 4.3 mme o e romele Komiting ya Tshebeletso tsa Bohlokwa ho CCMA
Khopi ya foromo ena e lokelwa ho nehwa motho e mong ya amehang mme ho tshwanetse hore ho be le bopaki ba hore khopi eo e fuwe motho eo ka ho hokela:
Khopi ya setlankana se rejistarilweng ho tswa Posong.
Khopi ya setlankana se saennweng ha a fuwe yona matsohong.
Setatemente se saennweng se tiisetsang tshebeletso ke motho ya isang foromo se lokela ho tla le kopo.
Khopi ya a setlankana se tiisetsang hore fekse e tsamaile kapa bopaki bofe kapa bofe bo kgotsofatsang.


Melao e sebediswang

Labour Relations Act, 1995 , Section 75 Molao wa Dikamano Mosebetsing



Maemo a Tshebeletso

Ha ho na nako e beuweng; ho tla ya ka motho ya etsang kopo ya ditshebeletso tsa bohlokwa.



Ditjeo

Tshebeletso ena ke mahala.





Diforomo tse lokelwang ho tlatswa

CCMA employer applies for maintenance service determination Form LRA 4.3





Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona




