

Kopo ya tshebedisano ka elektroniki le SARS

Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Tshebeletso ena e dumella motho, setheo kapa mokgatlo ho theha tshebedisano ka elektroniki le South African Revenue Service   ka mekgwa e hlalositsweng ya teknoloji ya kgaso. Tshebetso e Ntjha ya Lekgetho la Kuno e radilwe ho fokotsa tshebediso ya dipampiri moo ho kgonahalang, le ho etsa hore ditshebetso tse ngata di iketsahalle kgabareng ho etsuwa bonnete ba ho tshwara balefi bohle ba lekgetho ka mokgwa o tshwanang. Ho hlahisitswe mefutafuta ya ditshebedisano tsa elektroniki.

   e a fumaneha ho Inthanethe ya SARS Online mme sepheo ke ho araba bongata ba dipotso.

Hodimo

Mehato e latelwang

Ngodisa jwalo ka molekane wa tshebedisano ka ho tlatsa mme o romele foromo ya ngodiso ya tshebedisano ka elektroniki, ya nomoro INF001 ho SARS Interface Administration, P.O. Box 402, Pretoria 0001 kapa ka e-meile ho its.interfaces@sars.gov.za. Dikopo tsa katoloso ya nako ya ho romela ditlaleho tsa tshebetso tsa lekgetho la kuno di ka kotjwa ka elektroniki le ha o sa ngodisa.
Rekota dintlha tse latelang tse nehelwang ke SARS ka mora ho ngodisa:

Password  bakeng sa ho fihlella ho kgokahano ya SARS
Khoutu ya ho hlwaya tshebetso e abelwang mokgatlo ke SARS
khoutu ya ho hlwaya mosebedisi le password  bakeng sa ho kena ho tshebetso ya faele ya SARS eo faele ya data e lokelang ho romelwa ho yona.
Aterese ya kgokahano kapa dinomoro tsa ho letsetsa, maemong dikgokahanyo tsa Public Switched Telephone Network   le Integrated Services Digital Network  .

Fumana data encryption software  le mokgwa wa ho se kenya ho SARS. Ka tlwaelo SARS o tla tlisa sesebediswa ho mokgatlo.
Kgwesa data encryption software .
Romela difaele tsa data tsa tekolo, mme o hule difaele tsa karabo tsa tekolo ho SARS.
Tiisa kamohelo ya difaele tsa data tsa tekolo ho Molaodi wa SARS Interface mme o kenye tshebedisano tshebetsong ka ho fapanyetsana difaele tse sebetsang tsa data.
Hokahana le Molaodi wa SARS Interface ha ho etsahala ho be teng difaele tse senyehileng tsa data, difaele tse lahlehileng tsa data kapa difaele tse phetaphetilweng tsa data.

Hodimo

Molao o sebediswang

Income Tax Act, 1962  

Hodimo

Maemo a tshebeletso

SARS e kentse di-Service standards  a tla nka dilemo tse pedi ho kenngwa tshebetsong . Ha o ngodisa kapa o etsa tefo efe kapa efe, SARS o ikemiseditse ho hlophisa ngodiso ya hao ka mokgwa o nepahetseng nakong ya matsatsi a 10 a ho sebetsa.

Hodimo

Ditjeo

Tshebeletso ke ya mahala.

Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang



Application for SARS Electronic Interface, INF001 
Request for Additional SARS Electronic Interface, INF002 
Change of Particulars for SARS Electronic Interface, INF003 

Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


