
Kopo ya boingodiso ba ho ba morutisi wa ho kganna
Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Melao ya Naha ya Sephethephethe sa Mebileng e bolela hore motho ofe kapa ofe ya batlang ho ba morutisi wa ho kganna o tlameha ho ingodisa le Lefapha la tsa Dipalangwang. Ho ba morutisi o tlameha ho kwetliswa mme o atlehe tlhahlobong e hlophisitsweng. Motho ya lakatsang ho ba morutisi wa ho kganna o tla sebetsana feela le sehlopha sa makoloi ao a fuweng laesense ya ho a kganna. Setefikeiti sa borutisi se amoheleha selemo se le seng.

Hodimo

Mehato e latelwang

Etsa kopo setsing sefe kapa sefe sa teko ya laesense ya ho kganna bakeng sa setefikeiti sa borutisi.
Tlatsa foromo ya RI, Kopo ya ho ingodisa jwalo ka morutisi wa ho kganna.
Etla le setefikeiti sa hao sa bongaka.
Lefa ditjhelete tse behetsweng.
O tla romelwa seteisheneng sa mapolesa ho fumana pehelo ya kahlolo.

Setsi sa teko se tla romela kopo ya hao ho MEC bakeng sa tumello kapa kganyetso. Haeba e dumelletswe, setsi sa teko se tla fana ka phemiti.

Hodimo

Molao o sebediswang



National Road Traffic Act, 1996  

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Phemiti e ka loka dibekeng tse tsheletseng ho isa ho tse robedi.

Hodimo

Ditjeo

