
Kopo ya laesense ya ho kganna
Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Laesense ya ho kganna e dumella motho ho kganna koloi. Laesense e na le dintlha tsa hao tsa boitsebiso jwalo ka mokganni ya nang le tokelo. Ho etsa kopo ya laesense o tlameha ho ba dilemo tse 18 kapa moholwanyane.

Hodimo

Mehato e latelwang

Iteanye le setsi sa heno se haufi sa teko ya laesense ya ho kganna.
Tlatsa foromo ya DL1 setsing sa tlhahlobo ya laesense ya ho kganna.
Tlisa ditokomane tse latelang:

laesense ya ho ithuta
bukana ya boitsebiso kapa phasepoto
dinepe tse nne tsa ID tsa mmala o motsho le bosweu.

Dikgatiso tsa menwana ya hao di tla nkwa hona teng.
Teko ya mahlo e tla etswa setsing, pele letsatsi la tlhahlobo le beheletswa. .
Lefa tjhelete e behetsweng.

Hodimo

Molao o sebediswang



National Road Traffic Act, 1996  

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Kopo e sebetswa letsatsing leo e entsweng ka lona mme o fuwa letsatsi la tlhahlobo.

Hodimo

Ditjeo

