

Kopo ya ho ngodisa khampani ya ba mmalwa 


Tlhaloso

Khampani ya ba mmalwa  ke seahelo sa kgwebo seo beng ba sona ba leng pakeng tsa setho se le seng le tse 10. Diabo tsa koporasi  ha di na mmaraka wa batho bohle. Leha CC ho hlokahala e be le ofisiri ya akhaonteng, ha ho hlokahale ditlaleho tsa tlhahlobo ya ditjhelete.

Leha Companies Act, 1973,  o balla diphutheho tsa tlamo tsa dikhampani, haholoholo mabapi le diphutheho tsa batho bohle, ha ho ditlhokeho mabapi le hona ho di-CC. Hangata diphutheho di a tshwarwa pakeng tsa ditho tlasa metheo ya ad hoc .

Ha ho hlokahale hore ditho tsohle tsa CC di be le tema e bonahalang tsamaisong ya kgwebo. Leha ho le jwalo, ho di-CC tse ngata, ditho e ba tsona tse bang batsamaisi ba kgwebo.

Dintlha tsa bohlokwa mabapi le ho tlatsa foromo di entswe lenaneo ka mora leqephe la 1 la foromo ya CK1.

Ha o batla ho tseba haholwanyane, e ya ho ba Companies and Intellectual Property Registration Office.

Mehato e lokelwang ho latelwa



Fumana foromo ya kopo  ho Companies and Intellectual Property Registration Office  
Thaepa ka makgethe foromo ya CK1 kapa e tlatse ka enke e ntsho, o sebedisa ditlhaku tse kgolo.
Nehelana ka dikopi tse tiiseleditsweng tsa dibukana tsa boitsebiso tsa ditho tse amehang.
Beheletsa lebitso la khampani ya ba mmalwa .
Fumana lengolo ka tumello la Ofisiri ya Akhaonteng

Molao o sebediswang

Close Corporations Act, 1984 , Section 12 , 1984 , Karolo 12

Maemo a tshebeletso

Ho ka nka pakeng tsa letsatsi le le leng le a mane ho ngodisa CC.

Ditjeo

R100 ya setatemente sa motheo
R50 for name reservation 

Diforomo tse lokelwang ho tlatswa

CK1, Founding Statement 
CK 7, Application for Reservation of Name or Translated Form or Shortened Form . 

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona



