

Kopo ya ho hlakolwa ha ngodiso bakeng sa lekgetho la VAT

Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Ngodiso ya tefello ya value-added tax  Tshebeletsong ya Lekgetho ya Afrika Borwa e leng South African Revenue Service  e ka hlakolwa tlasa mabaka a latelang:

moo boleng ba thepa ya hao e lefiswang lekgetho bo welang ka tlasa moedi wa R300 000 ka selemo
moo o emisang ho tswela pele ka dikgwebo tsohle tsa hao mme o ke ke wa tswela pele ka kgwebo efe kapa efe dikgweding tse 12 ka mora letsatsi leo la ho emisa
ha o entse kopo ya ngodiso ka sepheo sa ho qala kgwebo, mme o eso ka o qala kgwebo eo.

Le ha o se o sa ngodiswa bakeng sa ho lefa VAT, o ntse o lokela ka ho ya ka ditlamo dife kapa dife tse hlahelletseng tlasa Molao wa Value-Added Tax, wa 1991, ka nako eo o neng o ntse o ngodisitswe.

O lokela ho tsebisa ba SARS matsatsing a 21 ka mora ho kwala dikgwebo tsohle.

SARS e ke ke ya hlakola ngodiso ya mohwebi ha ho ba le mabaka a utlwahalang a ho dumela hore a ka qala kgwebo efe kapa efe nakong efe kapa efe dikgweding tse 12 ho tloha mohlang ngodiso e jwalo e emisitsweng.

Hodimo

Mehato e latelwang

Bula mme o tlatse foromo ya kopo kapa o ye ofising ya SARS moo o ngodisitsweng teng hore o etse kopo.
Romela ofising ya SARS moo o ngodisitseng teng.
SARS e tla ho neha motho ya amehang tsebiso e ngotsweng fatshe ka ho hlakolwa ha ngodiso kapa ho hanelwa ho hlakolwa ha ngodiso.

Hodimo

Molao o sebediswang

Value-Added Tax Act, 1991  

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Ha ho na nako e beuweng.

Hodimo

Ditjeo

Tshebeletso ena ke mahala.

Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang



Application for cancellation of registration of a person in respect of all his enterprises,VAT 123 

Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


