
Kopo ya tumello ya ho bokella lero la botona la poho, fariki e tona kapa pere e tona
Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Phoofolo e ka dumellwa ho ba mofani wa thepa ya lefutso ha ngaka ya diphoofolo e pakile hore phoofolo e jwalo e a amoheleha malebana le:

maemo a bophelo ka bophara
ho hloka bolwetsi
boleng ba lero la botona
makgetha a mang a ka ballwang.

Hodimo

Mehato e latelwang

Laolla ho inthanethe mme o tlatse foromo ya kopo o ngola ka ho arohanya ditlhaku o sebedisa ditlhaku tse kgolo. Foromo hape e ka kotjwa ho Mongodisi wa Ntlafatso ya Diphoofolo.
Kopo e tlameha ho etsuwa ka lebitso la setsi se ngodisitsweng moo phoofolo e tla bolokwa teng.
Kopo e tlameha ho romelwa ho mokgatlo o tshwanelehileng wa batswadisi.
Ditokomane tse latelang di tlameha ho felehetsa kopo:

lesika la ditswala tse pedi tse atolositsweng le pakilweng ke Studbook Association  kapa Bolaodi bo Ngodisang
DNA/ lengolo la bopaki ba mofuta wa madi
direkoto tsa tshebeso ya phoofolo
tefo e balletsweng ya kopo.

Ngola tjheke le otoro ya poso o e lefe ho: The Director: Agriculture. Tefo hape e ka lefshwa ka ho otloloha akhaonteng e latelang ya banka:
Standard Bank
Branch: Arcadia
Account no: 011219556
Branch code: 000845/010845
Kopo e tlameha ho netefatswa ke ngaka ya diphoofolo e poraefete mme e tiiswe ke ngaka ya diphoofolo e molaong.
Romela dikopo ho:
The Registrar of Animal Improvement
Private Bag X138
Pretoria
0001

Hodimo

Molao o sebediswang



Animal Improvement Act, 1998  

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Ha mongodisi a hana ho amohela kopo, mokopi o tla tsebiswa ka lengolo mabapi le qeto le mabaka ao e thehilweng hodima ona.
Ha mongodisi a amohela kopo bakeng sa tumello ya phoofolo e amehang jwalo ka phoofolo eo e leng mofani, ho tla ntshuwa lengolo la bopaki ba tumello.

Hodimo

Ditjeo

R349 per animal

Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang



Approval of a bull for collection of semen 
Approval for a boar for artificial insemination 
Approval for a stallion for artificial insemination 

Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


