
Kopo ya phemiti bakeng sa ho romela hlapi ho ya ntle ka mabaka a kgwebo
Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Ho hweba ka hlapi ke ho kena kgwebong ya ho tshwasa hlapi jwaleka ho romela hlapi ntle ka mabaka a kgwebo. Bakeng sa ho romella hlapi kantle ho meedi ya Riphaboliki ya Afrika Borwa, o tlamehile hore o etse kopo ya phemiti ya ho romella hlapi kantle ho naha e ntshwang ke Lefapha la Ditaba tsa Tikoloho le Bohahlaudi kapa mokgatlo o filweng taolo e jwalo. Ha ho motho ya ka romellang hlapi kantle ho naha ntle le phemiti. Ebang phemiti eo o nang le yona e fellwa ke nako kamora dikgwedi tse tharo, o lokela ho etsa kopo e nngwe. Ebang o ka hloleha ho phethisa ditshwanbelo tsa phemiti, sena se ka etsa hore phemiti ya hao e kginwe kapa e phumulwe ka hohle hohle.

Hlokomela: Phemiti ena ya ho romela hlapi kantle ho naha ha e kenyeletse hlapi ya metsi a hlwekileng e laolwang ke Lefapha la Temo . Dikopo bakeng sa phemiti ya ho romela hlapi ya metsi a hlwekileng kapa hlapi ya mofuta wa tropiki e lokela ho lebiswa Lefapheng la Temo.

Ha o ya lokela ho romela ho ya ntle mofuta wa hlapi o thibetsweng ho latela . (Bakeng sa dintlha tse feletseng ka Tumellano ya Matjhaba ya Kgwebisano ka Tse ka nnang tsa timela, leba ho http://www.cites.org.

Phemiti ya ho romela hlapi ya mofuta wa abalone e lokela ho tsamaya le setefikeiti sa CITES bakeng sa morwalo o mong le o mong.

Phemiti e nngwe le e nngwe ya ho romela ntle mofuta ona wa hlapi, - bigeye tuna, southern bluefin tuna, swordfish, Antarctic toothfish, and Patagonian toothfish e lokela ho tsamaya le tokomane e supang dipalopalo tse lokelang ho tshwaswa tsa hlapi eo bakeng sa morwalo o mong le o mong. Ditokomane tsa dipalopalo tsa hlapi e lokelang ho tshwaswa di fumaneha Lefapheng la Ditaba tsa Tikoloho le Bohahlaudi, Lekala la Tsamaiso ya Mawatle le Mabopo , Bolaodi ba Tsamaiso ya Botshwasi ba Dihlapi ka thoko ho lebopo le hare maqhubung a maholo.

Hodimo

Mehato e latelwang

Etsa kopo ya phemiti ya ho romela hlapi kantle.

Fumana foromo ya kopo bakeng sa ho romela hlapi kantle mmoho le foromo ya kopo ya CITES ho ba Tsamaiso ya Mawatle le mabopo  kapa lekala la ofisi ya Lefapha la Ditaba tsa Tikoloho le Bohahlaudi kapa fumana foromo ho http://www.mcm-deat.gov.za.

Bala foromo ya kopo ka hloko mme o etse bonnete hore o phethisa ditlhoko le dipehelo tsa kopo.

Fana ka lesedi lena le latelang:


aterese ya bodulo ya motho ya romelang hlapi eo ho tswa naheng ena

mabitso a tlwaelehileng le a saense a hlapi e tlilo romelwa ntle

palo ya mefuta ya hlapi e tlilo romelwa ntle

ebang ho etsahala hore ho be le lehokela le tsamaisang hlapi dipakeng, ho tlamehile hore tumellano pakeng tsa mekga e mmedi e hokelwe mmoho le dikhophi tsa tokomane tsa boitsebiso tsa mekga eo

ho lokela ho fanwe ka dikhophi tsa ditokomane tsa dipalopalo tsa hlapi e ileng ya romelwa ntle ka phemiti e fetileng tsa hlapi ya mofuta wa - bigeye tuna, southern bluefin tuna, swordfish, Antarctic toothfish, and Patagonian toothfish.


Ebang moikopedi wa phemiti ya ho romela hlapi ntle ha se yena motho ya nang le tokelo ya ho tshwasa dihlapi, fana ka ditokomane tsena tse latelang:


bopaki ba hlapi eo tsamaiswang le aterese ya bodulo ya batho ba fepelang motho eo ka hlapi hore e romelwe kantle ho naha

mabitso a tlwaelehileng le a saense a hlapi e tlilo romelwa kantle ho naha

palo ya hlapi e tlilo romelwa kantle ho naha.


Fana ka dikhophi tse netefaditsweng tsa ditokomane tsena tse latelang:


tokomane ya hao ya boitsebiso  le ditokomane tsa ngodiso ya khamphani ya hao kapa close corporation kapa terasete.

diphemiti tse feletseng tsa ho romela hlapi kantle ho naha ho tswa Lefapheng la Kgwebo le Indaseteri kapa tsebiso tsa diphemiti.

setefikeiti se bontshang tefo ya lekgetho se ntshitsweng ke ba Tshebeletso ya Lekgetho ya Afrika Borwa .


Tsebisa lekala le haufi le wena la Biro ya taolo ya Maemo ya Afrika Borwa  ka morwalo wa hao o romelwang kantle ho naha ebang hlapi eo o e romelang ha se hlapi e phelang mme ha e yo jewa ke batho. Ebang hlapi e le e phelang mme e ilo jewa ke batho , tsebisa Lefapha la Bophelo.

Ho hlokeha tefo ya kopo ya R225 .

Tlatsa, o saene mme o pose kopo ya phemiti ya ho romela hlapi kantle ho naha mmoho le ditokomane tse hlokehang di romelwe ofising ya Tsamaiso ya Mawatle le Mabopo .

Dikopo tsa di-orijinale di poswe, ebang o hloleha ho etsa seo phemiti e ke ke ya ntshwa.


Hodimo

Molao o sebediswang



The Marine Living Resources Act, 1998  

The National Environmental Management Act, 1998  

The National Biodiversity Act, 2004  

The National Marine Protected Areas Act, 2003  

The Sea Birds and Seals Protection Act, 1973  
The Sea Fishery Act, 1988  
The Sea-shore Act, 1935  
The International Convention for the Prevention of Pollution from Ships Act, 1986  

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Kopo e ka nna ya nka matsatsi a 7 a tshebetso kapa ho feta le teng ebang kopo e tlatsitswe hantle.

Hodimo

Ditjeo

Tjhelete ya kopo ke R225 . Ditjhelete tse lefshwang di lekolwa selemo le selemo ho ya tekolo ya Letona la Ditaba tsa Tikoloho le Bohahlaudi kapa mokgatlo filweng tumello e jwalo ka tshebedisano le Letona la Ditjhelete.

Dintlha tsa Banka bakeng sa kopo ya phemiti ya ho romela hlapi kantle:

Banka: FNB
Lekala: Corporate Account Service Cape Town
Khoutu ya Lekala: 204109
Akhaonte: Current
Nomoro ya Akhaonte 62123256382
Lebitso la Akhaonte: Marine Living Resources Fund
Nomoro ya tsebiso. Ikopanye le Setsha sa Thuso ya Bareki ho t 0861 123 626

Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang



Application for an export permit 

Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


