

Kopo bakeng sa ho romela hlapi ka mabaka a boithapollo

Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Ho tshwasa dihlapi bakeng sa boithapollo ke ho kena mosebetsing wa ho romela dihlapi ho tswa kantle ka sepheo sa ho ithapolla. Bakeng sa ho romela dihlapi ho tswa kantle bakeng sa boithapollo, o lokela ho etsa kopo bakeng sa tumello ya ho romela dihalpi ho tswa kantle, tumello e ntshwa ke Letona la ditaba tsa Tikoloho le Bohahlaudi  kapa mokgatlo o filweng tumello. Hlapi e rometsweng ho tswa ntle ha e ya lokela ho rekiswa, empa e be ya motho ya e rometseng feela. Ha ho motho ya dumeletsweng ho romela hlapi ho tswa kantle ho naha ntle le tumello. Etsa kopo bakeng sa phemiti ya ho romela hlapi ho tswa ntle ha tumello ya jwalee fellwa ke nako. Ebang o hloleha ho phethisa ditshwanelo tsa phemiti, phemiti e jwalo e tla kginwa kapa e emiswe.

Hlokomnela: Phemiti ya ho romela hlapi bakeng sa boithapollo ha e kenyeletse hlapi ya metsi a hlwekileng e laolwang ke Lefapha la Temo . Kopo bakeng sa ho romela hlapi ya metsi a hlwekileng e etswa le ho ntshwa ke Lefapha la Temo.

Dithibelo tse latelwang bakeng sa ho romela hlapi ho tswa ntle di ya sebetsa:

Ha o ya lokela ho romela ho tswa ntle mofuta wa hlapi o thibetsweng ho latela CITES. , leba ho http://www.cites.org.

Phemiti ya ho romela ho tswa ntle hlapi e sebediswang bakeng sa boithapollo le ho jewa e tla sebetsa feela nako ya leeto la ho ya le ho kgiutla naheng eo hlapi e latwang teng.

Ha o ya lokela ho romela ho tswa ntle hlapi e phelang.


Hodimo

Mehato e latelwang

Tlatsa diforomo tse hlokehang mme o nehelane ka tsona ho Lefapha la Ditaba tsa Tikoloho le Bohahlaudi , mmoho le lesedi lena:

letsatsi la ho tswa le ho kgutlela Afrika Borwa
lebitso la naha e etelwang

hlalosa lediboho la Afrika Borwa moo o tla kena le teng kahara Afrika Borwa

bopaki ba aterese moo o dulang teng, dinomoro tsa mohala le nomoro ya fekese ya Afrika borwa

hlalosa hore na hlapi eo e tla romelwa jwang ho tswa kantle 

khophi e netefaditsweng ya tokomane ya boitsebiso ya moikopedi e mong le e mong

bopaki ba tefo 

ha ho amohelwe fekese, dikhophi kapa e-mail

diforomo di ka tliswa ka letsoho kapa tsa romelwa ka poso.



Hlokomela:

Etsa kopo dibeke tse pedi pele o kena leetong bakeng sa ho dumella hore kopo e sebetswe.
Ha ho kopo e batlehang bakeng sa beiti, Empa etsa bonnete hore o tshwere phemiti ya beiti ya boithapollo (ho dumellwa feela mokotla wa beiti ya letsatsi0 kapa selipi se bontshang beiti e rekilweng.

Hodimo

Molao o sebediswang



The Marine Living Resources Act, 1998  

The National Environmental Management Act, 1998  

The National Biodiversity Act, 2004  

The National Marine Protected Areas Act, 2003  

The Sea Birds and Seals Protection Act, 1973  

The Sea Fishery Act, 1988  


Hodimo

Maemo a tshebeletso

Kopo e ka nna ya nka matsatsi a 7 a tshebeletso kapa ho feta ho ya ka palo ya dikopo tse entsweng.

Hodimo

Ditjeo

Tefo ya kopo ya R120 e kenyeletsang tsohle.

Dintlha tsa banka di eme tjena:

Banka: First National Bank
Lekala: Corporate Account Service Cape Town
Khoutu ya Lekala: Branch code: 204109
Akhaonte: Current
Nomoro ya Akhaonte 62123256382
Lebitso la Akhaonte: Marine Living Resources Fund
Nomoro ya Tsebiso. Ikopanye le: Setsha sa Tshebeletso ya Bareki ho 0861 123 626

Ditjhelete tse lefshwang di ka nna tsa fetoha ka selemo ho ya ka Letona la ditaba tsa Tikoloho le Bohahlaudi, kapa mokgatlo dumeletsweng ka tshebedisanommoho le Letona la Ditjhelete.

Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang

Application to import fish on recreational basis . Ha di fumanehe khomputeng. Ikopanye le ofisi e haufi ya lefapha.

Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


