

Kopo ya taelo ya semolao ya lekgetho - di-gratuity

Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Kopo ena e romelwa ho ba Tshebeletso ya Lekgetho ya Afrika Borwa   ha ho hlokeha taelo ya semolao ya ho hulwa ha lekgetho mabapi le ditefello tse ding tsa shwahla ya tjhelete  ho tswa ho boramesebetsi .

Hodimo

Mehato e latelwang

Etsa bonnete ba hore ditaba tsa hao tsa lekgetho di lokile pele o etsa kopo ya taelo ya lekgetho. Ka tlwaelo ba SARS ba ke ke ba fana ka taelo ya semolao ya lekgetho haebe o sa na le dipoelo tse ding tsa lekgetho kapa ditefello tse salletseng morao.
Fana ka ho latelang bakeng sa ho thusa ba SARS ho ananela kopo ya hao ya taelo ya semolao ya lekgetho:

foromo ya kopo IRP3
tokomane ya hao ya Boitsebiso  le nomoro ya referense ya lekgetho
nomoro ya referense ya PAYE ya ramosebetsi wa hao.


Hodimo

Molao o sebediswang

Income Tax Act, 1962  

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Hang ho ba e tjhaelwe monwang ke ba Tshebeletso ya Lekgetho ya Afrika Borwa, ho tla fanwa ka tiisetso matsatsing a mmalwa empa taelo ya semmuso ya lekgetho e ka nka ho fihlela dibekeng tse nne.

Tsela e bonolo haholo ya ho kopa taelo ya semolao ya lekgetho ke ya ho etsa kopo ka eFiling. Kopo ya hao ka tshebeletso ena ka tlwaelo e ananelwa dihoreng tse 48.

Hodimo

Ditjeo

Tshebeletso ena ke mahala.

Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang



Tlatsa mme o neelane ka kopo ya hao ka tsela ya khomputara. Ka mokgwa o mong, ntsha mme o tlatse foromo, Application for tax directive: Gratuities IRP3 .

Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


