﻿

Kopo ya taelo ya lekgetho – phesente e tsitsitseng

Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Taelo ena e kenngwa ha ho etsuwa kopo ya hore tekanyetso e tsitsitseng e hulwe moputsong wa molefi wa lekgetho. Mohiri o tshwanela ho kenya kopo ena lebitsong la mohiruwa.

Ditaelo ha di kgone ho fetisetswa mme ka nako tsohle ha mohiruwa a fetotse boemo ba hae ba mosebetsi, ho tlameha ho etsuwe kopo e ntjha. Ha o na le mohiri ya fetang a le mong, kopo e arohileng ya taelo e tlameha ho etsuwa bakeng sa mohiri ka mong.

Dikopi tsa mangolo a khiro, dikontraka tsa tshebetso le ditokomane tse ding tse tshwanelehileng di a hlokahala ho netefatsa dipallo le dipehelo tsa khiro.

Taelo ya phesente e tsitsitseng e tla ntshuwa bakeng sa makesemamo ya dikgwedi tse 12 mme e tlameha ho ntjhafatswa ka mora moo.

Hodimo

Mehato e latelwang

Eba le bonnete ba hore merero ya hao ya lekgetho e eme hantle ha o etsa kopo ya taelo ya lekgetho. Ka tlwaelo SARS e ka se ntshe taelo ya lekgetho ha ho na le dikgaello dife kapa dife tsa diforomo tsa lekgetho tse tlatsitsweng kapa ditefo tsa lekgetho.
Foromong ya hao ya kopo ya taelo ya lekgetho, nehelana ka tse latelang:

nomoro ya hao ya ID le ya tshupiso ya lekgetho
nomoro ya mohiri wa hao ya tshupiso ya PAYE.

Hokela ditokomane tse latelang ho kopo ya hao:

kopi ya kontraka ya tshebetso 
lengolo la puello ha nomoro ya hao ya ID kapa nomoro ya tshupiso ya PAYE e sa fumaneheng.

Romela kopo ya hao ya taelo ya phesente e tsitsitseng ka letsoho ofising ya lekala la SARS, jwalo ka ha mohiruwa a tshwanela ho hokela tlaleho ya dintlha tsa kuno le ditshenyehelo.

Hodimo

Molao o sebediswang

Income Tax Act, 1962  

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Hang ha e amohetswe ke SARS, tiiseletso e tla nehelwa nakong ya matsatsi a mmalwa. Leha ho le jwalo, taelo ya lekgetho e molaong e ka nka ho a fihla ho dibeke tse nne.

Hodimo

Ditjeo

Tshebeletso ke ya mahala.

Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang



Application for a tax directive: fixed percentage, IRP 3b 

Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


