
Kopo ya ditokelo tsa bamedisi ba dimela
Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Ditokelo tsa bamedisi ba dimela di nehelwa feela bakeng sa mefuta e fapaneng ya dimela e phatlaladitsweng ho Plant Breeders' Rights Act, 1976 . Mefuta e ka bang 290 ya dimela e kenyeleditswe ho lenaneo la dimela   e ka nehelwang bakeng sa ditokelo tsa bamedisi ba dimela.

Mongodisi wa Ditokelo tsa Bamedisi ba Dimela a ka nka mofuta o itseng jwalo ka o motjha mme a nehele ka ditokelo tsa bamedisi ba dimela ha:

Disebediswa tsa katiso ya mofuta oo di so ka di rekiswa mona Afrika Borwa nakong e fetang selemo.
Maemong a mofuta wa sefate kapa sefate sa morara, moo disebediswa tsa katiso di so ka di fumaneha naheng e nngwe, ho tsa kgwebo kapa setjhabeng nakong e fetang dilemo tse tsheletseng, kapa maemong a semela sefe kapa sefe se seng, nakong ya dilemo tse fetang tse nne.
Disebediswa tsa katiso di tlameha ho tsamaelana le ditlhoko tsa DUS  :

se tlameha ho aroleha ka ho hlakileng ho mofuta ofe kapa ofe o mong wa leloko le tshwanang
se tlameha ho tshwana, ke ho re, dimela tsohle temong di tlameha ho shebehala di tshwana mme di be le makgetha a tshwanang
se tlameha ho ba le botsitso, ke ho re, dimela mofuteng o itseng di tlameha, ka mora ho lengwa makgetlokgetlo, di nne di shebahale di tshwana le dimela tsa sethatho
se tlameha ho ba le lebitso le amohelehileng.


Hodimo

Mehato e latelwang

Sheba Hlohlomiso 1 ya Plant Breeders' Rights Act  ho etsa bonnete ba hore na mofuta wa semela sa mokga o hlokang tshireletso, o phatlaladitswe na.
Ha e le hore mofuta wa semela ha o hlahe hlohlomisong, romela kopo bakeng sa phatlalatso mmoho le tshehetso e ngotsweng ho Mongodisi wa Ditokelo tsa Bamedisi ba Dimela.
Ha mofuta wa semela o le teng hlohlomisong, dintho tse latelang di tlameha ho romelwa:

foromo ya kopo e tlatsitsweng ka botlalo
technical questionnaire 
tefo e balletsweng ya kopo le tlhahlobo
peo kapa disebediswa tsa katiso
nehelano ya matla e ngotsweng e tswang ho monga semela, ha o sa se medisa, wa se kgetha kapa wa ntshetsa pele mokga.

Bontsha ka mokgwa o hlakileng ho lethathama la dipotso hore mokga o motjha o tshwanela ho bapiswa le mekga efe e meng e tsejwang ho hlomamisa boikgetho.
O ka etsa kopo ya tshireletso ya nakwana ya tumellano ya mokga. Hona ho bolela hore mokga o sireleditswe bakeng sa nako ya tekolo. O tlameha ho nehela ka boitlamo bo ngotsweng ba ho se rekise  ntho efe kapa efe ya katiso ya mokgwa o tobilweng ho fihlela diteko kaofela di phethethilwe mme ho nehelanwe ka ditokelo tsa bamedisi. Tshireletso ya tumellano ya nakwana e a kgothaletswa bakeng sa dijalo moo ditekolo di nkang nako e fetang selemo hore di phethwe.
Ho na le matsatsi a balletsweng ao ditokomane le disebediswa tsa katiso di tlamehang ho romelwa ho Mongodisi ka ona. Dintlha tsa matsatsi ana, bongata ba disebediswa tsa katiso tse tlamehang ho romelwa le moo di tlamehang ho romelwa teng, di a fumaneha ha di kotjwa ho Mongodisi.
Ha lenaneo la mokga le le teng bakeng sa mofuta oo ho etsuwang kopo ya ditokelo tsa bamedisi ba dimela, romela dikopo ka nako e le nngwe ho oka nako le tjhelete.

Hodimo

Molao o sebediswang

Plant Breeders' Rights Act, 1976  

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Tshebetso ya tekolo ya ditokelo tsa bamedisi ba dimela e nka bonyane sehla se le seng sa temo.

Hodimo

Ditjeo

Kopo ya tumello ya tokelo ya momedisi wa dimela: R1 300 ka nngwe
Tefo ya tlhahlobo ya tokelo ya momedisi wa dimela ya Sehlopha A : R2 200 ka nngwe
Tefo ya tlhahlobo ya tokelo ya momedisi wa dimela ya Sehlopha B  le mekgabiso ya dilemo): R3 000 ka nngwe
Tefo ya tlhahlobo ya tokelo ya momedisi wa dimela ya Sehlopha B : R2 600 ka nngwe
Tseko ya ho hlokomelwa pele ho ya ka karolo 8 ya Plant Breeders' Right Act, 1976 , ha kopo ya ho nehelwa tokelo ya momedisi wa dimela: R700 ka nngwe
Kganyetso ya tumello ya tokelo ya momedisi wa dimela: R4 500 ka nngwe
Tefo ya selemo le selemo ya tokelo ya momedisi wa dimela: R250 ka nngwe
Kopo ya ho ntshuwa ha laesense e tlamang mabapi le tokelo ya momedisi wa dimela: R3 600 ka nngwe
Tsebiso ya ho fetisetswa ha tokelo ya momedisi wa dimela: R650 ka nngwe
Kopo ya ho fetola kapa ho eketsa lebitso le amohetsweng mabapi le mokga: R1 500 ka nngwe
Kganyetso e kgahlanong le kamohelo e rerwang ya ho fetola kapa ho eketsa lebitsong le amohetsweng mabapi la mokga: R650 ka nngwe
Kganyetso e kgahlanong le phediso e rerwang ya tokelo ya momedisi wa dimela: R650 ka nngwe
Tsebiso ya ho ikamoha ka boithaopo tokelo ya momedisi wa dimela: Mahala
Provision of results of tests and trials undertaken by the registar, to the appropriate authority in a convention country or an agreement country: Tariff to fluctuate with exchange rate. CHF 350 
Inspection of the register of plant breeders' rights: Mahala
A certificate of any particulars in the register or of any document in connection with an application for the grant of a plant breeder's right: R370
A copy of any particulars in the register or of a document submitted to the registrar in connection with an application for the grant of a plant breeder's right: R370
Submission of appeal against any decision or action taken by the registrar in terms of the Act: R8 per application plus photocopy charge R1,10 per copy
Examination of samples to determine varietal purity: R2 000 , R3 000  and R2 600 

Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang



Application form for plant breeders' rights, PBR/VL 2004 

Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


