

Ho etsa kopo ya setefikeiti sa setswantle sa jwala

Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Setefikeiti sa setswantle se a hlokahala hore o kgone o amohela sehlahiswa sa setswantle sa jwala  mona Afrika Borwa. Setefikeiti sa setswantle kapa kopi e tla hlokwa pele thoto e lokollwa ledibohong la ho kena.

Moamohedi wa setswantle o etsa kopo ya setefikeiti sa setswantle ha nngwe bophelong ba sehlahiswa. Ka mora moo nomoro eo e le nngwe ya setefikeiti sa setswantle e ka sebediswa ha sebopeho, dikahare, saese ya botlolo le leibole ya sehlahiswa e sa tjhentjha.

Setefikeiti sa setswantle se ke ke sa hlokahala bakeng sa dihlahiswa tse fupereng jwala bo ka hodimo ho pesente e le nngwe ya setswantle bakeng sa ho nwa mme e le karolo ya thoto ya botho ya motho ya fihlang Afrika Borwa, ho itshetlehile hore dihlahiswa tse jwalo:


paloyohle ya tsona ha e fete mothamo wa dilithara tse 12 mme

e reretswe feela bakeng sa tshebediso ya motho eo, lelapa la hae le baeti ba hae ba sa lefeng.



Hodimo

Mehato e latelwang

Tlatsa foromo ya kopo.

Kopo ka nngwe e tshwanetse ho felehetswa ke sampole e fupereng bonyane 750 ml ya sehlahiswa se amehang.


Maemong a setswantle se botlolong, nehela ka sampole botlolong e nang le leibole eo e tla rekiswa ka yona.

Romela sampole ya jwala bo amohetsweng e le setswantle se sengata ka botlolo e tlwaelehileng ya 750 ml.

Isa sampole ofising ya Division Liquor Products in Stellenbosch .


Romela setefikeiti se amohelehileng sa tlhophollo se ntshitsweng ke laboratori e molaong ya naha eo se tswang ho yona. Ha sena se sa fumanehe, Division Liquor Products  e tla etsa tlhophollo ya khemikhale ya sampole.

Maemong a setswantle se botlolong, leibole ya botlolo e hlahlojwa ho etsa bonnete ba hore e kgotsofatsa ditlhoko tsa Liquor Products Act, 1989 .

Bakeng sa setswantle se sengata dikahare di tla hlahlojwa. Leibole e hlahlojwa ho o etsa kopo ya tumello ya setefikeiti sa ho rekisa.

Karolo e tlameha ho fumana tjhelete  pele ho ka ntshuwa setefikeiti sa setswantle.

Setefikeiti sa setswantle se tla ntshuwa ha dikahare le leibole, maemong a setswantle se botlolong, mme maemong a setswantle se sengata, ha dikahare tsa sehlahiswa di kgotsofatsa ditlhoko tsa Liquor Products Act, 1989 . Jwale thoto ya sehlahiswa e ka amohelwa jwalo ka setswantle.

Neha Division Quality Audit  tsebiso ya dihora tse 48 bonyane ka nako tsohle thoto ya jwala e ntsheditsweng setefikeiti sa setswantle, e tla kena Afrika Borwa.

Ha dihlahiswa tsa jwala di fihla Afrika Borwa, moamohedi wa setswantle o tlameha ho fumana lengolo la ho fetisa ho Division Quality Audit  hore a tlose jwala sebakeng sa lediboho kapa setsheng sa seemelo sa setshelo sa kgetho ya hae.


Hodimo

Molao o sebediswang

Liquor Products Act, 1989  

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Ha ho nako e behilweng bakeng sa tshebeletso ena.

Hodimo

Ditjeo

Setefikeiti sa Setswantle : R125
Setefikeiti sa Setswantle : R220
Tlhophollo ya sampole ya Setswantle: R310
Tefo ya tlhophollo ho ya ka ditefiso tse tlwaelehileng tsa tlhophollo ya jwala  ka mokgwa wa tshupamolato)
Ha moamohedi wa setswantle a nehela Division Liquor Products  ka setefikeiti se amohelehang sa tlhophollo se ntshitsweng ke laboratori e molaong naheng eo se tswang ho yona, a ka nehwa tesello mabapi le ho lefa R290.

Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang



Application for an import certificate 

Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


