
Kopo ya ho ngodisa setsha jwalo ka setsi sa temo bakeng sa ho bokella thepa ya lefutso 
Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Setsha moo thepa ya lefutso  e bokellwang, e hlahlojwang, e hlophiswang, e pakwang, e manamiswang ditlankana, e bolokwang ebile e rekiswa teng, se ka ngodiswa jwalo ka setsi ha:

ditlhophisetso tse balletsweng di fumaneha setsheng se jwalo
ditshebetso tsa botegniki setsheng se jwalo, e leng tlhokomelo ya diphoofolo tse bolokilweng moo, le pokello, tlhahlobo, tlhophiso, ho paka, ho etsa ditlankana le poloko ya thepa ya lefutso, di laolwa le ho okamelwa ke motho ya kgotsofatsang ditlhoko tse balletsweng
setsha se kgotsofatsa ditlhoko tse ding tse ka ballwang.

Hodimo

Mehato e latelwang

Laolla foromo ya kopo ho inthanethe mme o e tlatse ka dikopi tse tharo. Foromo hape e ka kotjwa ho Registrar of Animal Improvement .
Dikopo tse sa tlatswang ka botlalo di tla kgutlisetswa ho mokopi mme ha ho boikarabelo bo tla amohelwa mabapi le tshitiso efe kapa efe e ka bang teng.
Hokela ditokomane tse latelang foromong:

dikopi tse pedi tsa moralo wa setsha se amehang le meralo ya mobu ka botlalo
tefo e balletsweng ya kopo ka tjheke e lefellwang ho: The Director-General: Agriculture.



Tefo ya kopo hape e ka lefshwa akhaonteng e latelang ya banka:
Standard Bank
Branch: Arcadia
Account no: 011219556
Branch code: 000845/010845
Romela kopo ho:
The Registrar of Animal Improvement
Private Bag X138
Pretoria
0001

Hodimo

Molao o sebediswang



Animal Improvement Act, 1998  

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Ha ho nako e behilweng bakeng sa tshebeletso ena, maemong a mang e qala ka kamohelo ya meralo pele meaho e emiswa.

Hodimo

Ditjeo

R3 833

Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang



Application for registration of premises as a centre 

Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


