
Kopo ya ho ngodisa bakeng sa lekgetho la basebetsi 
Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Bathodi ba tshwanetse hore ba hule Pay As You Earn   kapa lekgetho la mosebetsi ho tswa ho moputso wa mosebetsi yeo a tshwanelehang ka tsela ya dinako tsa kgwedi le kgwedi, veke le veke, kapa hang ka moraho ha veke tse pedi tse ding le tse ding.

Phokotso e hlomamiswa ka ho sebedisa dihlohlomiso tse ntshitsweng ke SARS. Lekgetho la basebetsi le tshwanela ho arolwa pakeng tsa SITE le PAYE.

SITE ke mofuta wa lekgetho o sebetsang feela ho moputso o setseng ka mora phokotso ho ya fihla ho R60 000. SITE e hlomamiswa mafelong a nako ya lekgetho, mme e ka emela karolo feela ya lekgetho la basebetsi le hutsweng hara selemo.

Balanse ya lekgetho la basebetsi ka mora ho hlomamisa karolo ya SITE mmoho le lekgetho la basebetsi hodima moputso le sa kenyeletswang ho moputso ka mora phokotso, e emela PAYE.

Hodimo

Mehato e latelwang

Tlatsa kopo ya ngodiso ho  e fumanehang diofising tsa lekala la lehae la SARS.
Dikhamphani tse kgolo le dikhamphani tse nnyane tseo ha jwale di sa ngodiswang le SARS  mabapi le lekgetho la basebetsi di tshwanetse ho ngodisa ka nako hore di tsebe ho ka lefa lekgetho la basebetsi ba tshwanelehang.

Hodimo

Molao o sebediswang

Income Tax Act, 1962  

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Ha ho nako e behilweng bakeng sa tshebeletso ena.

Hodimo

Ditjeo

Tshebeletso ena ke ya mahala.

Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang



Application to register for employees' tax, EMP101e 

Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


