
Kopo ya ho ngodisa lenyalo la setso
Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Lenyalo la setso le ka ngodiswa ka ho ya ka Molao wa Kelo Hloko ya Manyalo a Setso, 1998. Ha ho kgathalehe hore o nyetse neng. Nqeng eo mohatsa e mong a hlokahetseng, mohatsa ya ntseng a phela a ka nna a ngodisa lenyalo. Ngodiso e ka etswa ofising efe kapa efe ya Ditaba tsa Lehae. Ho tshwanetse hore ho be le dipaki tse pedi tse itekanetseng.

Tiisetsa boemo ba lenyalo la hao online.

Hodimo

Mehato e latelwang

Tlatsa diforomo tsa BI-1699 le BI-130.
Bao ba nyalang ekasitana le dipaki tsa bona ba lokela ho hlahisa ditokomane tsa bona tsa boitsebiso tse sebetsang.
Romela bopaki ba ditherisano tsa lenyalo .
Moofisiri wa ngodiso, o tla tlatsa foromo ya kopo ya BI-1699 ha a kgotsofetse hore ho na le lenyalo la setso.
Nqeng eo molekane wa monna lenyalong la setso a batlang ho kena lenyalong le leng la setso, yena o lokela ho iteanya le Lkegotla le Phahameng la Dinyewe bakeng sa taelo ya semolao e tla laola mokgwatshebetso wa lenyalo la hae.

Hodimo

Molao o sebediswang



Recognition of Customary Marriages Act, 1998  

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Setifikeiti se kgutsufaditsweng sa lenyalo: Ho fanwa ka sona ka potlako.
Setifikeiti se sa kgutsufatswang sa lenyalo: Se nka dibeke tse 6 ho isa ho tse 8.

Hodimo

Ditjeo

Setifikeiti sa lenyalo se kgutsufaditsweng: R11
Setifikeiti sa lenyalo se sa kgutsufatswang: R53

Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang



Rejistara ya Manyalo, BI-130
Kopo ya ngodiso / Patlisiso ya ho ba teng ha lenyalo la setso, BI-1699

Ela hloko: Diforomo ha di fumanehe khomputeng. Ikopanye le ofisi ya lefapha le haufi le wena.


Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


