
Kopo ya ho lokisa dintlha tse phoso tokomaneng ya hao ya boitsebiso
Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Batho ba Afrika Borwa bao ditokomane tsa bona tsa boitsebiso di nang le dintlha tse phoso ba ka etsa kopo ya ho di lokisa ofising efe kapa efe ya Ditaba tsa Lehae. Dikopo di ka etswa hape le embasing kapa misheneng ya Afrika Borwa ha kopo e etswa ka ntle ho naha.

Diphoso tse tlwaelehileng tse fumanwang ditokomaneng tsa boitsebiso le tseo mokopi a ka ratang hore di lokiswe di kenyelletsa hona ho latelang:

lebitso le/kapa sefane se fosahetseng
dinepe tse fosahetseng
aterese e fosahetseng
letsatsi le fosahetseng la tswalo
bong bo fosahetseng.

Hodimo

Mehato e latelwang

Tlatsa diforomo tsa kopo tsa BI-9, BI-526 le BI-309 ofising efe kapa efe ya Ditaba tsa Lehae. O ka etsa kopo le embasing kapa misheneng wa Afrika Borwa ha o le mose.
Hlahisa bopaki ba dintlha tse nepahetseng, mohlala, setifikeiti sa tswalo, setifikeiti sa kolobetso, lengolo la sekolong kapa setifikeiti sa peleho.
Romela dinepe tse pedi tsa boholo ba dinepe tsa ID le kopo ya hao.

Hodimo

Molao o sebediswang



Identification Act, 1997  

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Tshebeletso ena e ka nka dibeke tse 4 ho ya ho tse 6.

Hodimo

Ditjeo

Tshebeletso ke ya mahala.

Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang



Application for an amendment, BI-526 

Application for identity document, BI-9 

Application for re-issue of identity document, BI-10 

Application for rectification of personal particulars, BI-309 


Ela hloko: Diforomo ha di fumanehe khomputeng. Ikopanye le ofisi ya lefapha le haufi le wena.

Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


