
Kopo ya ho eketsa lekgetho la ditswantle



Tlhaloso

Lekgetho la ditswantle ke lekgetho leo o le lefang ha o amohela thepa ya ditswantle ho kena Afrika Borwa. Lekgetho la ditswantle le lefiswa ka sepheo sa ho thusa di-indasteri tsa South African Customs Union  hore di tsebe ho hlodisana le dihlahiswa tsa ditswantle. Lekgetho la ditswantle le kgothaletsa tswelopele e tsitsitseng ya ekonomi  ka ho ntlafatsa bokgoni ba ho emelana le tlhodisano ya matjhaba le ho sebedisa dithuso ka botlalo.

Tlwaelo ka bophara nakong e telele ke ho lebisa ho phokotso ya makgetho a ditswantle, empa ho eketsa makgetho a tlwaelehileng dihlahisweng tse itseng tlasa maemo a kgethehileng. Ho eketsa ho nkuwa e le ntho e ratehang feela ha keketso e jwalo e ka ba le kabelo ho ntshetsopele ya indasteri ho ya ka ho tsamaelana le maikemisetso a ekonomi ya naha.

Ha a batla ho tseba haholwanyane, e ya ho International Trade Administration Commission.

Mehato e lokelwang ho latelwa

Hokahana le International Trade Administration Commission Directorate 
Tlatsa foromo ya foromo.
Romela diforomo ho International Trade Administration Commission Directorate .

Molao o sebediswang

Customs and Excise Act, 1964  

Maemo a tshebeletso

Kopo ena e nka dikgwedi tse nne ho ya ho tse leshome le metso e mmedi ho e hlophisa.
Ditefo di itshetlehile ho mofuta wa dihlahiswa kapa diphahlo moo tshebeletso e sebetsang.

Diforomo tse lokelwang ho tlatswa

Information Required in Support of an Application for Tariff Protection Involving an Increase in Customs Duty 

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


