

Kopo ya ho fuwa hape tokomane ya boitsebiso

Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Tokomane ya boitsebiso  ke tokoamne e pakang boitsebiso ba motho. E fuwa baahi ba naha ya Afrika Borwa kapa badudi ba saruri ba dilemo tse 16 le ka hodimo.

ID e ka fuwa hape batho bana ba latelang:

Batho ba lahlehetsweng ke ditokomane tsa boitsebiso,ba utweditsweng tsona le ba senyehetsweng ke tsonad.
Batho ba etsang kopo ya hore dintlha tsa bona di fetolwe.
Batho ba boemo ba boahi ba bona ba naha bo fetohileng.
Basadi ba keneng lenyalong kapa ba batla ho qala ho sebedisa difane tsa bona tsa pejana.
Batho ba dulang mose bakeng sa nakwana empa ba ne ba na le ditokomane tsa boitsebis pejana.
Matswa-ntle a nang le pheimiti e sebetsang ya bodulo ba saruri.

Hodimo

Mehato e latelwang

Tlatsa foromo ya kopo BI-9 ofising efe kapa efe ya Ditaba tsa Lehae. Etsa kopo embasing kapa misheneng wa Afrika Borwa ha o etsa kopo o le ka ntle ho naha.
Hlahisa setifikeiti sa tswalo kapa pasa eo o ileng wa e fuwa peana pele ho la 1 Phupu 1986.
Romela dinepe tse pedi tsa boholo bo sebediswang ho ID.
Etsa hore o nkuwe kgatiso tsa menwana hore di tle di kengwe direkotong Rejistareng ya Baahi.
Hlahisa setifikeiti sa lenyalo ha le nyetse.
Mosadi ya etsang kopo ya tokomane ya boitsebiso mme a batla ho qala ho sebedisa sefane sa hae sa pejana, o lokela ho romela bopaki ba hore o na le tokelo ya hosebedisa sefane seo.
Motho ya tswang dinaheng tsa ka ntle ha a etsa kopo ya tokomane ya boitsebiso o lokela ho hokela phemiti ya bodulo ya saruri, setifiketi sa ho dumellwa ho dula mona  kapa se mo lokollang ditlamong.

Hodimo

Molao o sebediswang



Identification Act, 1997  

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Dikopo di ka nka dibeke tse ka bang 8.

Hodimo

Ditjeo

R16

Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang

Kopo ya ho fuwa hape tokomane ya boitsebiso, BI-10
Kopo ya tokomane ya boitsebiso, BI-9

Ela hloko: Diforomo ha di fumanehe khomputeng. Ikopanye le ofisi ya lefapha le haufi le wena.

Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


