
Kopo ya ntjhafatso ya boahi ba naha ya Afrika Borwa
Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Motho ofe kapa ofe ya kileng a ba moahi wa Afrika Borwa, ka tswalo kapa ka descent, mme a tlohetse boahi ba hae ba Afrika Borwa, a ka etsa kopo ya hore boahi ba hae ba naha ya Afrika Borwa bo ntjhafatswe hape.

Hodimo

Mehato e latelwang

Tlatsa diforomo tsena BI-175 le BI-529 ofising ya Ditaba tsa Lehae.
Tlatsa foromo ya BI-9 mme o fane ka dinepe tse pedi tsa moraorao tsa boholo bo sebediswang ho ID.
Romela tiisetso e ngotsweng fatshe ya hore mokopi jwale o se a dula Afrika Borwa.
Romela khopi ya tokomane ya boitsebiso ya mokopi.
Romela khopi ya setifikeiti sa lenyalo, ha ho tshwaneleha.

Hodimo

Molao o sebediswang



South African Citizenship Act, 1995  

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Kopo e ka tsaya dibeke di le 6 go ya go di le 8.

Hodimo

Ditjeo

Ntjhafatso ya boahi ba naha: R128
Tokomane ya boitsebiso: R16

Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang



Application for resumption of South African citizenship, BI-175 (Kopo ya ntjhafatso ya boahi ba naha, BI-175
Determination of South African citizenship status, BI-529 
Application for an identity document, BI-9

Ela hloko: Diforomo ha di fumanehe khomputeng. Ikopanye le ofisi ya lefapha le haufi le wena.

Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


