
Kopo ya ho fuwa hape phasepoto e lahlehileng kapa e utswitsweng
Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Monga phasepoto eo phasepoto ya hae e lahlehileng kapa e utswitsweng a ka etsa kopo ya e ntjha.

Hodimo

Mehato e latelwang

Ho hlokehang bakeng sa ho fana hape ka phasepoto ha ya kgale e lahlehile kapa e utswitswe :

hlahisa tokomane ya hao ya boitsebiso kapa setifikeiti sa tswalo se felletseng bakeng sa ho etsa kopo
tlatsa foromo ya kopo ya BI-73 ofising efe kapa efe ya Ditaba tsa Lehae. Etsa kopo Embasing kapa Misheneng wa Afrika Borwa ha o le mose
fana ka kgatiso ya menwana ya hao hore o ngodiswe Rejistareng ya Baahi
fana ka dinepe tse pedi tsa boholo bo sebediswang phasepotong.

Ho hlokehang bakeng sa ho fana hape ka phasepoto e lahlehileng kapa e utswitsweng ya ngwana:

tlatsa foromo ya kopo ya BI-73 ofising efe kapa efe ya Ditaba tsa Lehae. Etsa kopo embasing kapa misheneng wa Afrika Borwa ha o le mose
batswadi kapa bahlokomedi ba semolao ba lokela ho hlahisa khopi ya setifikeiti se felletseng sa tswalo sa ngwana ekasitana le ditokomane tsa bona tsa boitsebiso
romela dinepe tse pedi tsa ngwana tsa boholo bo sebediswang phasepotong
ha ho na kgatiso tsa menwana tse hlokehang ho tswa baneng ba dilemo tse ka tlase ho tse 16.


Hodimo

Molao o sebediswang



South African Passports and Travel Documents Act, 1994  

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Dikopo di ka nka dibeke tse ka bang 6.

Hodimo

Ditjeo

Lost or stolen maxi passport : R704
Lost or stolen tourist passport : R352
Lost or stolen child passport : R266

Double the current tariff for the document concerned: Provided that where the document had been lost/stolen/ damaged through no negligence on the part of the holder, only the normal fee will be payable.

Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang



, BI-73 

Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


