﻿

Kopo ya ngodiso jwalo ka moamohedi wa setswakantle

Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Tshebeletso ena e nehelana ka tlhahisoleseding ya mokgwa wa ho ngodisa jwalo ka moamohedi wa setswakantle ho South African Revenue Service .

Hodimo

Mehato e latelwang

Foromo ya kopo e tlameha ho tlatswa ke mokopi mme e seng ke motho wa boraro -ho seng jwalo kopo e ka se elwe hloko.
Thusa o tadime ho tataiso ya ho etsa kopo ho o thusa tshebetsong ya laesense.
Karolong ya Client Types 

sheba lebokoseng la Moamohedi wa Setswakantle, tlasa ngodiso:

Karolo ya Importer Particulars , e batla

lebitso la kgwebo la mosebetsi wa hao
lebitso le nomoro ya seterata sa kgwebo
lebitso le nomoro ya mokato wa moaho oo kgwebo e tsamaiswang ho wona
motsana oo mosebetsi o leng ho ona
toropo e kgolo kapa toropo moo mosebetsi o leng ho yona
khoutu ya seterata sa motsana oo mosebetsi o leng ho wona
ya tla ba le boikarabelo ba ho rala le ho romela ditokomane ho South African Revenue Service; le
hore na o tla rala mme o romele ditokomene, kapa o tla thonya akgente ho etsa jwalo.

Karolo ya Authority to Apply e tlameha ho tlatswa ke motho  ya etsang kopo ya ngodiso jwalo moamohedi wa setswakantle.

Lebitso la mokopi kapa lebitso la ngodiso ya mosebetsi, mme e seng lebitso la kgwebo, le tlameha ho hlahella karolong ena.
moo ho hlahang asterisk , hlakola le efe e sa hlokahaleng.

Karolong ya Declaration , bolela tse latelang:

ditlhaku tsa pele tsa mabitso le fane ya motho ya etsang kopo ya laesense
maemo a motho ya etsang kopo, mohlala, Molaodi, Mookamedi, Monga
motho ya etsang kopo o tlameha ho saena foromo ya kopo
letsatsi leo kopo e saennweng ka lona
sebaka seo kopo e saennweng ho sona.

Tlatsa foromo ya kopo mme o e romele ofising e haufi ya South African Revenue Service Customs and Excise.
Hokela dikopi tsa sethatho kapa tse tiiseleditsweng tse latelang:

lengolo la bopaki la ngodiso ya kgwebo jwalo ka ha le ntshitswe ke Registrar of Companies  kapa Master of the Supreme Court  ha e le Traste
qeto kapa tumello kapa bolaodi bo bong ho ya ka moo ho hlokehang
tumello ha e hlokahala ya Department of Trade and Industry 
fomula ha o etsa kopo tlasa pusetso ya karolo 607.04.10, 607.04.10, 607.04.10 le 607.04.10
tokomane ya boitsebiso ha o le moahi wa Afrika Borwa
ditokomane tsa pasepoto mabapi le eo e seng modudi:

motho ya ikemetseng
balekane ho koporasi ya batho ba mmalwa  kapa traste – ditho tsohle, balekane kapa balebedi ba traste
khampani – balaodi bohle, ho kenyeletsa le molaodi ya okametseng le molaodi wa ditjhelete.



Hodimo

Molao o sebediswang

Customs and Excise Act, 1964  

Hodimo

Maemo a tshebeletso

SARS e kentse di- Service charter  a tla nka dilemo tse pedi ho kenngwa tshebetsong . Ha o ngodisa kapa o etsa tefo efe kapa efe, SARS o ikemiseditse ho hlophisa ngodiso ya hao ka mokgwa o nepahetseng nakong ya matsatsi a 21 a ho sebetsa.

Hodimo

Ditjeo

Tshebeletso ena ke mahala.

Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang



Licence/Registration of custom and excise clients, DA185  

Registration client type - Importer, DA 185.4A1  


Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


