﻿

Kopo ya ngodiso jwalo ka moromedi wa setswantle

Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Tshebeletso ena e nehelana ka tlhahisoleseding ya mokgwa wa ho ngodisa jwalo ka moromedi wa setswantle ho South African Revenue Service.

Foromo ya kopo e tlameha ho tlatswa ke mokopi mme e seng ke motho wa boraro.

Hodimo

Mehato e latelwang

Thusa o tadime ho tataiso ya ho etsa kopo ho o thusa tshebetsong ya laesense.
Karolong ya Client Types section  

sheba lebokoseng la Moromedi wa Setswantle, tlasa ngodiso

Karolo ya Exporter Particulars , e batla

lebitso la kgwebo la mosebetsi wa hao

lebitso le nomoro ya seterata sa kgwebo

lebitso le nomoro ya mokato wa moaho oo kgwebo e tsamaiswang ho wona

motsana oo mosebetsi o leng ho wona

toropo e kgolo kapa toropo moo mosebetsi o leng ho yona

khoutu ya poso ya motsana oo mosebetsi o leng ho wona

ya tla ba le boikarabelo ba ho rala le ho romela ditokomane ho South African Revenue Service

hore na o tla rala mme o romele ditokomene, kapa o tla thonya akgente ho etsa jwalo

ho bolela hore na o tla romela thepa ya ditswantle ho United States of America tlasa tumellano ya AGOA.

Karolo ya Authority to Apply  e tlameha ho tlatswa ke motho  ya etsang kopo ya ho ngodisa jwalo ka moromedi wa setswantle kapa moromedi wa setswantle bakeng sa AGOA.

Lebitso la mokopi kapa lebitso la ngodiso ya mosebetsi, mme e seng lebitso la kgwebo, le tlameha ho hlahella karolong ena.

Moo ho hlahang asterisk , hlakola le efe e sa hlokahaleng.

Karolong ya Declaration , bolela tse latelang:

ditlhaku tsa pele tsa mabitso le fane ya motho ya etsang kopo ya laesense

maemo a motho ya etsang kopo, mohlala, Molaodi, Mookamedi, Monga

motho ya etsang kopo o tlameha ho saena foromo ya kopo

letsatsi leo kopo e saennweng ka lona

sebaka seo kopo e saennweng ho sona.

Tlatsa foromo mme o e romele ofising e haufi ya South African Revenue Service Customs and Excise.
Hokela dikopi tsa sethatho kapa tse tiiseleditsweng tse latelang:

lengolo la bopaki la ngodiso ya kgwebo jwalo ka ha le ntshitswe ke Registrar of Companies  kapa Master of the Supreme Court  ha e le Traste

qeto kapa tumello kapa bolaodi bo bong ho ya ka moo ho hlokehang

tumello ha e hlokahala ya Department of Trade and Industry 

fomula ha o etsa kopo tlasa pusetso ya karolo 607.04.10, 607.04.10, 607.04.10 le 607.04.10

Ditokomane tsa boitsebiso maemong a Moahi wa Afrika Borwa kapa ditokomane tsa pasepote maemong a eo e seng modudi:


motho



balekane ho koporasi ya batho ba mmalwa  le traste – ditho tsohle kapa balekane kapa balebedi ba traste



khampani – balaodi kaofela, ho kenyeletsa le Molaodi wa Tsamaiso le Molaodi wa Ditjhelete.



Hodimo

Molao o sebediswang

Customs and Excise Act, 1964  

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Ha ho nako e behilweng bakeng sa tshebeletso ena.

Hodimo

Ditjeo

Tshebeletso ke ya mahala.

Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang



Application for Registration / Licensing of Customs and Excise Clients, DA 185 (Basebedisi ba ho etsa Laesense kapa Ngodiso ya Lekgetho le Lekgetho la Thepa ya Lehae
Registration Client Type 4A2 - Exporter, DA 185.4A2 

Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


