﻿

Kopo ya ngodiso jwalo ka mofaboriki  tlasa AGOA

Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Tshebeletso ena e nehelana ka tlhahisoleseding ka mokgwa wa ho ngodisa jwalo ka mofaborike  tlasa African Growth and Opportunity Act   wa United States of America mmoho le South African Revenue Service  . Molao ona o nehelana ka dikgothatso tse tshwarehang bakeng sa dinaha tsa Afrika hore di tswele pele ditekong tsa tsona ho bula meruo ya tsona le ho aha dimaraka tse nang le bolokolohi.

Hodimo

Mehato e latelwang

Laolla foromo ya kopo ho inthanethe kapa e fumane ofising e haufi ya SARS.
Foromo ya kopo e tlameha ho tlatswa ke mokopi mme e seng ke motho wa boraro, ho seng jwalo kopo e ka se elwe hloko.
Thusa o tadime ho tataiso ya ho etsa kopo ho o thusa tshebetsong ya laesense.
Karolong ya Client Types :

sheba lebokoseng la Manufacturer for AGOA  tlasa ngodiso.

Karolong ya Manufacturer for AGOA Particulars , di batla

lebitso la kgwebo la mosebetsi wa hao
sebaka seo mosebetsi wa hao o emeng ho sona 
lebitso la seterata le nomoro ya mosebetsi
motsana oo mosebetsi o leng ho ona
toropo e kgolo kapa toropo moo mosebetsi o leng ho yona; le
khoutu ya seterata sa motsana oo mosebetsi o leng ho wona.

Karolo ya Authority to Apply  e tlameha ho tlatswa ke monga kgwebo ya ikemetseng a le inotshi, molaodi, balekane, setho, molebedi wa traste kapa motho ya okametseng kgwebo ha o etsa kopo ya ngodiso ya  lekgetho le lekgetho la thepa ya lehae bakeng sa mofaboriki ya kgethehileng wa AGOA.

Lebitso la mokopi kapa lebitso la ngodiso ya mosebetsi mme e seng lebitso la kgwebo le tlameha ho hlahella karolong ena.
moo ho hlahang asterisk , hlakola le efe e sa hlokahaleng.

Karolong ya Declaration , bolela tse latelang:

ditlhaku tsa pele tsa mabitso le fane ya motho ya etsang kopo ya laesense
maemo a motho ya etsang kopo, mohlala, Molaodi, Mookamedi, Monga
motho ya etsang kopo o tlameha ho saena foromo ya kopo
letsatsi leo kopo e saennweng ka lona
sebaka seo kopo e saennweng ho sona.

Tlatsa foromo ya kopo mme o e romele ofising e haufi ya South African Revenue Service Customs and Excise.
Hokela foromong ya kopo ditokomane tse latelang tsa sethatho kapa dikopi tse tiiseleditsweng:

lengolo la bopaki la ngodiso ya kgwebo jwalo ka ha le ntshitswe ke Registrar of Companies  kapa Master of the Supreme Court  ha e le Traste.
qeto kapa tumello kapa bolaodi bo bong ho ya ka moo ho hlokehang
tumello ha e hlokahala ya Department of Trade and Industry 
fomula ha o etsa kopo tlasa pusetso ya karolo 607.04.10, 607.04.10, 607.04.10 le 607.04.10
tokomane ya boitsebiso ha o le moahi wa Afrika Borwa
ditokomane tsa pasepoto ha:

motho eo e seng modudi
Koporasi ya batho ba mmalwa  le traste – ditho tsohle, balekane kapa balebedi ba traste
khampani – balaodi bohle, ho kenyeletsa le molaodi ya okametseng le molaodi wa ditjhelete.



Hodimo

Molao o sebediswang

Customs and Excise Act, 1964  

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Ha ho nako e behilweng bakeng sa tshebeletso ena.

Hodimo

Ditjeo

Tshebeletso ena ke mahala.

Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang



Licensing/Registration of custom and excise clients, DA185 
Client Type 4 - Manufacturer Under AGOA, DA185.04 
Security particulars, DA185.C 

Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


