Kopo ya ho lemoha mokga wa semela
Re a tsotella Re ya ikamahanya Re ya sebeletsa
Ditshebeletso tsa batho
Ditshebeletso tsa Mekgatlo
Ditshebeletso tsa dinaha tsa ka ntle
Kgetha puo
Tekolo ya disampole tsa semmuso tsa peo
Kopo ya ditokelo tsa bamedisi ba dimela
Kopo ya ho lemoha mokga wa semela
Ditshebetso tsohle tse amanang le diphedi tse feto
Dintlha tsa boikgethelo
Hatisa leqephe lena
Romela leqephe lena ka e-mail
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Leqephe la ho qala
Ditshebeletso tsa Mekgatlo
Diphemiti le dilaesense
Kopo ya ho lemoha mokga wa semela
Kopo ya ho lemoha mokga wa semela (ho ngodisa mokga)
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
Pele sesebediswa sa ho ngatafatsa se ka rekiswa mona Afrika Borwa, sa mokga ofe kapa ofe wa mefuta ya dimela tse phatlaladitsweng ho ya ka Plant Improvement Act, 1976 (Molao wa Ntlafatso ya Dimela) (Hlohlomiso 2 ya Molao - 2), mabitso a mekga e jwalo a tlameha ho kenyeletswa lenaneong la mekga (variety list).
Lefapha la Temo le boloka mananeo a mekga bakeng sa tsa temo, meroho le dijalo tsa ditholwana. Phatlalatso ya dijalo bakeng sa maikemisetso a Molao mmoho le kenyeletso ya mekga mananeong e etsuwa tlasa kopo. Lebaka la ho fihlella qeto ke ho ba bohlokwa ha mofuta wa semela ho moruo kapa ekonomi ya Afrika Borwa.
Hodimo
Mehato e latelwang
o foromo ya kopo e tlatsitsweng ka botlalo o technical questionnaire (Lethathama la dipotso tsa botegniki)
o tefo e balletsweng ya kopo le tlhahlobo o peo kapa disebediswa tsa katiso o nehelano ya matla e ngotsweng e tswang ho monga semela, ha o sa se medisa, wa se kgetha kapa wa ntshetsa pele mokga.
Bontsha ka mokgwa o hlakileng ho lethathama la dipotso tsa botegniki hore ke mekga efe e meng e tsejwang Afrika Borwa, eo mokga o motjha o tshwanelang ho bapiswa le yona ho hlomamisa boikgetho.
Ho na le matsatsi a balletsweng ao ditokomane le disebediswa tsa katiso di tlamehang ho romelwa ho Mongodisi ka ona. Dintlha tsa matsatsi ana, bongata ba disebediswa tsa katiso tse tlamehang ho romelwa le moo di tlamehang ho romelwa teng, di a fumaneha ha di kotjwa ho Mongodisi.
Ha tshireletso ho ya ka dipehelo tsa ditokelo tsa momedisi wa dimela le yona e hlokwa, bakopi ba eletswa ho romela dikopo ka nako e le nngwe ho oka nako le tjhelete.
Hodimo
Molao o sebediswang
Hodimo
Maemo a tshebeletso
Tshebetso ya ho kenya mokga lenaneong e tla nka bonyane sehla se le seng sa temo.
Hodimo
Ditjeo
Tefo ya kopo mabapi le temoho ya mokga: R700
o sehlopha A (tsa temo, meroho, dijalo tsa makgulo le poone): R900
o sehlopha B (poone e tshweu le e kgubedu): R1 100
o sehlopha C (ditholwana, difate tsa morara le tsa sitrase): R1 900
Kopoya ho fetola kapa ho eketsa lebitso la mokga le seng le kentswe lenaneong la mekga: R1 300
Hodimo
Diforomo tse tlatsuwang
Diforomo di fuwa ka tsela ya PDF. Ho bula ditokomane tsa PDF o tshwanela o be le Adobe Acrobat Reader 4 kapa hodingwana e kentsweng ho khompyuthara ya hao.
Hodimo
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
Letsatsi la ho qetela leo dintlha di lekotsweng butjha ka lona:
Dilinki tse nang le dikamano
Lefapha la Temo
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Dipehelo le maemo a tshebediso
