﻿

Kopo ya tesello ho lekgetho la kuno

Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Tshwaro e kgethehileng ya lekgetho e nehelwa mekgatlo e sa shebang phaello e thehilweng ka sepheo sa ho ba molemo ho setjhaba ka bophara. Leha ho le jwalo, tshwaro e kgethehileng e tla fumaneha feela ho mekgatlo e latelang dipehelo tsa Non-profit Organisations Act, 1997 , le melao e nyalanang le ona.

Mekgatlo e lakatsang ho etsa kopo ya tesello e tshwanela ho wela ho se seng sa dihlopha tse latelang:

Khampani e thehilweng tlasa Section 21 of the Companies Act, 1973 . Khampani ya Section 21  e na le memorandamo le mabaka a mokgatlo jwalo ka tokomane ya motheo mme e ngodisitswe ke Registrar of Companies .
Traste e nang le tokomane ya motheo le tumellano e ngotsweng ya traste, e ngodisitsweng ho Master of the High Court .
Mokgatlo wa batho. Mokgatlo wa boithaopo wa batho o laolwang ke molao wa motheo.

Moo tokomane ya motheo e sa lateleng dipehelo tsa Section 30 of the Non-profit Organisations Act, 1997  kopo e tlameha ho felehetswa ke boitlamo bo ngotsweng bo saennweng ke mokopi. Tesello ya nako e fetileng e tla tswela pele ho sebetsa ho fihlela nako eo mokopi a tsebisitsweng ke South African Revenue Service  (Tshebeletso ya Lekgetho ya Afrika Borwa ka qeto ho ya ka dipehelo tsa molao o motjha.

Hodimo

Mehato e latelwang

Mekgatlo eo nakong ya jwale e sa fumanang tesello e molaong ya lekgetho la kuno e ka nehelana ka foromo e tlatsitsweng ya kopo mmoho le ditokomane tse hlokahalang tsa tshehetso, mmoho le boitlamo bo ngotsweng ba saenwa, moo batho ba sebetsang tlasa matla a bolebedi ba traste ba itlamang ho latela dipehelo tsa Section 30 of the Non-profit Organisations Act, 1997 .
Ditokomane tse latelang tse tshehetsang di tshwanela ho felehetsa kopo:

khampani: Hokela kopi ya Memorandamo le Mabaka a Mokgatlo 
traste: Hokela kopi ya tumellano e ngotsweng ya traste le ditumellano dife kapa dife tse ngotsweng tse latelang tsa ho lokisa
mokgatlo wa batho: Hokela kopi molao wa motheo wa moraorao.

Mekgatlo e thehilweng ka sepheo sa sehlooho sa ho nehelana ka dithuso tsa ho ithuta, dibasari le dikgau tsa boithuto, phuputso le ho ruta, e tlameha ka hodima ditokomane tse ka hodimo tsa tshehetso e tlatse le EI 3 Written Undertaking .
Dikolo tsa bohle le tse ikemetseng , ditheo tsa thuto e phahameng, ditheo tsa adult basic education and training  , mmoho le ditheo tsa further education and training   di tlameha ho hokela kopi ya setefekeiti sa ngodiso se ntshitsweng ke Education Authority (Bolaodi ba Thuto) bo tshwanelehileng.
Foromo e tlatsitsweng mmoho le ditokomane tse tshwanelehileng di tlameha ho kgutlisetswa ho:
The Commissioner: SARS
Tax Exemption Unit
P.O. Box 11955
Hatfield
0028

Hodimo

Molao o sebediswang



Taxation Laws Amendment Act, 2000  as amended by Section 78 of Act 19 of 2001; and Section 63 of Act 30 of 2002 and Section 198 of Act 45 of 2003  jwalo ka ha o lokisitswe ke Karolo 78 ya Molao 19 wa 2001; le Karolo 63 ya Molao 30 wa 2002 le Karolo 198 ya Molao 45 wa 2003

Nonprofit Organisations Act, 1997 

Companies Act, 1973 

Income Tax Act, 1962  


Hodimo

Maemo a tshebeletso

Dikopo tsohle tse amohetsweng ke Tax Exemption Unit  tse nang le tlhahisoleseding e tshwanelehileng le ditokomane tse hlokwang tse tshehetsang di tla ntshetswa kananelo ya kamohelo e hlahiswang ke khompiyutha nakong ya dibeke tse nne ho tloha letsatsing la nehelano.

Hodimo

Ditjeo

Tshebeletso ena ke ya mahala.

Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang



Application for exemption from income tax, EI1 

Boitlamo bo ngotsweng

Boitlamo bo ngotsweng – Dithuso tsa ho ithuta le dibasari


Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


