﻿
Kopo ya ho hlwaya boahi ba naha ya Afrika Borwa
Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Tshebeletso ena ke ya ho bona hore na mokopi ehlile ke moahi wa Afrika Borwa ka nnete na pele a ka fuwa Tokomane ya Boitsebiso. E sebetsa ho batho bao ba neng ba le baahi ba Afrika Borwa pele ba tloha naheng mme jwale ba se ba ikemiseditse ho ba baahi ba Afrika Borwa hape. Dikopo di ka etswa ofising efe kapa efe ya Ditaba tsa Lehae kapa embasing kapa misheneng wa Afrika Borwa ha o etsa kopo o le mose.

Hodimo

Mehato e latelwang

Tlatsa foromo ya kopo ya BI-529.
Tlatsa lengolo le reng 'To whom it may concern'.
Tlatsa foromo ya kopo ya BI-1664 bakeng sa ho qoba ho lahlehelwa ke boahi ba hao ba Afrika Borwa.
Dintlha tsa mokopi ka seqo di lekolwa Rejistareng ya Naha ya Baahi.

Hodimo

Molao o sebediswang



South African Citizenship Act, 1995  

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Dikopo di ka nka dibeke tse 8 ho isa ho tse 12.

Hodimo

Ditjeo

To Whom It May Concern – lengolo: R58
Kopo ya ho boloka boahi ba naha ya Afrika Borwa: R128

Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang



, BI-529 
, BI-1664 
To Whom It May Concern – lengolo

Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


