﻿
Kopo ya phasepoto ya bohahlaudi
Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Phasepoto ya bohahlaudi ke tokomane e hlokehang ha o eta ho ya naheng e nngwe kapa bakeng sa ho boela o kena hape ka hara naha ya Afrika Borwa. Phasepoto ya bohahlaudi e fuwa baahi ba naha ya Afrika Borwa ba dilemo tse 16 kapa ka hodimo ho moo. E sebetsa ho etela dinaheng tsohle ntle le haebe ho boletswe ka tsela e nngwe e sele. Yona e nka dilemo tse 10 ho tloha nakong eo ho fanweng ka yona.

O lokela ho ba le tokomane ya boitsebiso  e nang le metsero kapa setifikeiti sa tswalo hore o etse kopo. Dikopo tsa phasepoto ya bohahlaudi mmoho le tokomane ya boitsebiso di ka etswa ka nako e le nngwe ha o sa kgone ho leta.

Hodimo

Mehato e latelwang

Tlatsa foromo ya kopo ya BI-73 mme o ise ka bowena ofising e haufi ya Lefapha la Ditaba tsa Lehae. O ka e isa embasing kapa misheneng ha o etsa kopo o le mose.
Kgatiso tsa menwana ya hao di tla nkuwa hore di rejistarwe Rejistareng ya Baahi.
Romela dinepe tse pedi tsa boholo ba dinepe tsa phasepoto.

Hodimo

Molao o sebediswang



South African Passports and Travel Documents Act, 1994  

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Phasepoto ho ka fanwa ka yona dibekeng tse 6.

Hodimo

Ditjeo

R176

Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang



Application for a South African passport or travel document, BI-73 

Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


