﻿
Kopo ya phasepoto ya nakwana

Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Phasepoto ya nakwana ho fanwa ka yona ho batho ba Afrika Borwa ba lokelang ho eta ka potlako tlasa maemo a tshohanyetso mme ba sa kgone ho emela phasepoto e tlwaelehileng. Phasepoto ya nakwana e sebetsa bakeng sa dikgwedi tse 12. HA o etsa kopo ya phasepoto ya nakwana, o lokela le ho etsa kopo ya phasepoto ya saruri ka nako e le nngwe.

Hodimo

Mehato e latelwang

Tlatsa foromo ya kopo ya BI-73 ofising efe kapa efe ya Ditaba tsa Lehae mona Afrika Borwa.
Romela:

lengolo le hlalosang hore ke ka baka lang o hlokang phasepoto
tokomane ya hao ya boitsebiso kapa setifikeiti sa tswalo
dinepe tse nne tsa bohlo bo sebediswang phasepotong
afidaviti haebe phasepoto ya hao ya Afrika Borwa e lahlehile kapa e utswitswe.


Hodimo

Molao o sebediswang



South African Passports and Travel Documents Act, 1994  

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Dikopo di ka nka matsatsi a ho sebetsa a 5 ho isa ho a 10.

Hodimo

Ditjeo

Phasepoto ya nakwana: R85

Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang



Application for a South African passport or travel document, BI-73 

Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


