﻿
Kopo ya phemiti ya bao ba batlang tshireletso ya sepolotiki
Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Kopo ya tshireletso ke kopo e etswang ke mokopi hore a nkuwe jwalo ka mophaphathehi.

Motho ya batlang tshireletso ke motho ya balehileng naheng ya habo ka tshabo ya ho qoswa , mme a batla hore a nkuwe jwalo ka mophaphathehi – nqeng ena mona Afrika Borwa. Mokopi o dula a ntse a le motho ya kopang tshireletso ya sepolotiki ha ho ntse ho elwa hloko kopo ya hae.

Motho ya batlang tshireletso o nehwa asylum transit permit e ke keng ya ntjhafatswa makenong a Afrika Borwa . Phemiti e sebetsa bakeng sa matsatsi a 14mme e dumella monga yona hore a itlhahise ofising e haufi ya baphaphathei e leng Refugee Reception Office  hore a ilo etsa kopo ya tshireletso.

Mophaphathehi ke motho ya fuweng boemo ba tshireletso ka ho ya ka Molao wa Baphaphathehi, wa 1998.

Hodimo

Mehato e latelwang

Motho ya batlang tshireletso, o etsa kopo ka boyena ofising e beuweng ya baphaphathehi e leng RRO, moo tla etsuwang ho latelang:

ho lekolwa mokopi pele

ho nkuwa dikgatiso tsa menwana ya mokopi
ho fumanwa toloko .

Puisano ya pele e tsamaiswa ke Mohlanka wa Kamohelo ya Baphaphathehi e leng Refugee Reception Officer e be ho tlatswa foromo ya BI-1590.
Phemiti ya motho ya batlang tshireletso e ya hatiswa, e saenwe, e kengwe setempe e be e fuwa motho ya batlang tshireletso.
Phemiti e sebetsang bakeng sa matsatsi a 30, e tla dumella motho ya batlang tshireletso ho dula mona Afrika Borwa nakwana. Phemiti e ka atoloswa hape bakeng sa matsatsi a mang a 30 e be ka mora moo dikgwedi tse tharo.
Pele ho nako ya ho fela ha phemiti ya hae ya tshireeso, motho ya kopang tshireletso o lokela ho itlhahisa ho RRO bakeng sa puisano ya bobedi, e tla tsamaiswa ke Moofisiri ya Hlwayang Boemo ba Baphaphathehi e leng Refugee Status Determination Officer .
RSDO o tswela pele ka hlahlobo ya kopo mme a etse qeto mabapi le kpo ya tshireletso.
Ha a ka fuwa tshireetso, mophaphathehi o lokela ho etsa kopo ya smart card ID ya baphaphathehi ho RRO ofe kapa ofe matsatsing a 15.
Ka mora ho fuwa karata, mophaphathehi a ka etsa kopo ya tokomane ya ho eta e tsejwang ka United Nations Convention Travel Document  ho RRO ofe kapa ofe.
Boemo ba bophaphathehi bo nka dilemo tse pedi, empa mophaphathehi o lokela ho ngola lengolo a kope tekolo botjha kapa katoloso ya nako ya boemo ba bophaphathehi dikgwedi tse tharo pele ho nako ya ho fela ha boemo boo ba bophaphathehi.

Hodimo

Molao o sebediswang



Refugee Act, 1998  
1951 UN Convention relating to the Status of Refugees 
1969 OAU Convention Governing the Specific Aspects of Refugee Problems in Africa 
Prothokholo ya 1967 e amanang le Boemo ba Baphaphathehi
1993 Basic Agreement between the Government of South Africa and the UNHCR 
Immigration Act, 2002  

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Dikopo di ka nka dikgwedi tse tsheletseng.

Hodimo

Ditjeo

Tshebeletso ena ke mahala.

Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang

Application for asylum, BI-1590  Diforomo ha di fumanehe khomputeng. Ikopanye le ofisi ya lefapha le haufi le wena.

Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


