
Kopo ya tshehetso ya lehae la bana
Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Lehae la bana ke sebaka se ngodisitsweng sa tlhokomelo ya bana. Mahae a bana a ka batla tshehetso ya kgwedi le kgwedi ho mmuso ho tadimana le ditshenyehelo tsa tsamaiso ya mahae a bona. Tshehetso e ntshuwang e a fetafetana mme e thehilwe hodima ditshenyehelo tsa tsamaiso ya lehae le palo ya bana ba nehilweng bodulo.

Ke mang ya ka etsang kopo ya tshehetso?

Mahae a ngodisitsweng a bana.

Hodimo

Mehato e latelwang

Tlatsa foromo ofising ya hao e haufi ya Ntshetsopele ya Setjhaba
Foromo e tlatsitsweng ya kopo e tshwanela ho saenwa ke Chairman of the Management Committee  le Regional Director of the Children's Home  le amehang.
Romela foromo mmoho le setifikeiti sa ngodiso sa NPO le ditatemente tsa banka ho Lefapha.

Hodimo

Molao o sebediswang



Childrens Act, 2005  

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Tshehetso e a fumaneha ho setsi bakeng sa lelapa le leng le le leng le fumanang thuso ya ntlo e tswang ho setsi.
Tshehetso e lefshwa ho setsi mme e seng ho ba fumanang thuso.
Tshebetso ya kopo e tla nka nako e fetang dikgwedi tse tharo hore e hlophiswe.
Hang ha kopo ya hao e kentswe, e tla lekolwa bakeng sa ho kgolweha.
Ha Lefapha le kgotsofetse ke kopo, ho tla nehelanwa ka letlole.
Qeto e thehilwe hodima ho fumaneha ha dithuso le tlhokahalo ya tshebeletso.
Lefapha le nehelana ka ditshehetso tlasa motheo wa dikgwedi tse tharo ka ho itshetleha ho tekolo hape ya mesebetsi ya lehae.

Hodimo

Ditjeo

Tshebeletso ke ya mahala.

Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang

Foromo e a fumaneha Diofising tsa hao tse haufi tsa Ntshetsopele ya Setjhaba.

Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

0800 60 10 11


