
Kopo ya phemiti ya bodulo ba saruri bakeng sa bakopi ba dilemo tse ka hodimo ho tse 21 mme e le bana ba baahi ba naha ya Afrika Borwa
Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Motho ya tswang naheng ya ka ntle eo e leng ngwana wa baahi ba naha ya Afrika Borwa mme a le ka hodimo ho dilemo tse 21 a ka etsa kopo ya phemiti ya bodulo ba saruri.

Tshebeletso ena haholoholo ke ya bana ba batswadi ba fumaneng boahi ba naha ka mokgwa wa ho ba naheng dilemo tse itseng tse beuweng . Bana ba baahi ba naha ya Afrika Borwa ka tswalo le ka tlhaho ba tshwaneleha bakeng sa boahi ba naha ya Afrika Borwa mme ha ba lokela ho etsa kopo ya bodulo ba saruri.

Dikopo di ka etswa ofising efe kapa efe ya Ditaba tsa Lehae kapa embasing kapa misheneng wa Afrika Borwa ha o etsa kopo o le mose.

Hodimo

Mehato e latelwang

Tlatsa diforomo tsa kopo tsa BI-947 le BI-29.
Romela setifikeiti sa tswalo.
Batswadi ba hao ba ka kotjwa ho romela tiisetso ya thuso ya ditjhelete, mme hona ho tla ya ka mokgwa oo o fumanang tjhelete ka ona.

Hodimo

Molao o sebediswang



Immigration Act, 2002  

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Ha ho na nako e beuweng bakeng sa tshebeletso ena.

Hodimo

Ditjeo

R1520

Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang



Application for permanent residence permit, BI-947 
Power of attorney in respect of an application for a temporary or permanent residence permit, BI-29 

Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


