
Kopo ya phasepoto ya tshohanyetso
Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Phasepoto ya tshohanyetso ke tokomane e hloekhang ka potlako ha o batla ho etaela dinaheng tsa boahisani tse sa hlokeng divisa tsa ho kena. Phasepoto ya tshohanyetso hape e ka sebediswa bakeng sa ho kgutla Afrika Borwa ka tshohanyetso. Yona e sebetsa bakeng sa dikgwedi tse robong ho tloha letsatsing leo ho fanweng ka yona, empa bakeng sa leeto le le leng feela ho ya naheng eo e amehang le ho kgutla Afrika Borwa.

Hodimo

Mehato e latelwang

Tlatsa foromo ya kopo ya BI-73 ofising efe kapa efe ya Ditaba tsa Lehae.
Romela:

lengolo le hlalosang hore ke ka baka lang o hlokang phasepoto ya tshohanyetso
tokomane ya hao ya boitsebiso kapa setifikeiti sa tswalo
afidaviti haebe phasepoto ya hao ya Afrika Borwa e lahlehile kapa e utswitswe
dinepe tse nne tsa bohlo bo sebediswang phasepotong.


Hodimo

Molao o sebediswang



South African Passports and Travel Documents Act, 1994  

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Dikopo di ka nka matsatsi a fihlang ho a mahlano a ho sebetsa.

Hodimo

Ditjeo

R64

Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang



Application for a passport or travel document, BI-73 

Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


