

Kopo ya maxi passport

Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Maxi passport ke tokomane ya maqephe a 64 e etseditsweng batho ba etang kgafetsa. Maxi passport e tshwana hantle le phasepoto ya bahahlaudi empa feela yona e na le palo e menahaneng habedi ya maqephe ho lokisetsa hore e be le maqephe e lekaneng bakeng sa di-visa.

Maxi passport e:

fuwa baahi ba naha ya Afrika Borwa ba dilemo tse 16 kapa ka hodimo ho moo
sebetsa bakeng sa ho etela dinaha tsohle tse kenyelleditsweng ho yona
sebetsa bakeng sa dilemo tse 10 ho tloha letsatsing leo ho fanweng ka lona.

Hodimo

Mehato e latelwang

Tshwara tokomane ya hao ya boitsebiso kapa setifikeiti sa tswalo ha o etsa kopo.
Tlatsa foromo ya kopo ya BI-73 mme o ise ka bowena ofising e haufi le wena ya Lefapha la Ditaba tsa Lehae. E ise embasing kapa misheneng wa Afrika Borwa ha o etsa kopo o le mose.
Fana ka dikgatiso tsa enwana ya hao bakeng sa ngodiso Rejistareng ya Baahi.
Romela dinepe tse pedi tsa boholo bo sebediswang phasepotong.
Ha o se tokomane ya boitsebiso mme o siiuwa ke nako, o ka etsa kopo ya phasepoto le tokomane ya hao ya boitsebiso ka nako e le nngwe.

Hodimo

Molao o sebediswang



South African Passports and Travel Documents Act, 1994  

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Dikopo di ka nka dibeke tse ka bang 6.

Hodimo

Ditjeo

R352

Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang



Application for a South African passport or travel document, BI-73 

Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


