
Kopo bakeng sa ho hodisa ngwana a thotsweng 
Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Ho dumellwa ka molao ho ba motswadi wa letholwa ho bolela ho amohela bohlokomedi ka molao, ho ya ka ditsamaiso tsa molao, ba ngwana ya tswetsweng ke batswadi ba bang. Ngwana ya hodiswang ke ngwana ya nkuweng ho batswadi ba hae a behwa ka molao tlhokomelong ya batswadi ba mo hodisang kapa lehaeng le hodisang bana.

Ngwana a ka amohelwa tlasa botswadi ba semolao ke

monna le mosadi wa hae ba le mmoho;
mohlolo wa monna kapa wa mosadi;
motho ya sa nyalang/ nyalwang kapa ya hladileng lenyalo;
motho ya nyetseng /nyetsweng eo mohatsae e leng motswadi wa ngwana; kapa
ntate wa sebele wa ngwana ya tswetsweng ka ntle ho lenyalo.

Ha o batla ho ba motswadi wa ngwana ka molao, o tlameha ho latela dipehelo tse latelang:

O tshwanetse o be le bokgoni bo lekaneng ba ho hlokomela  le ho lefella thuto ya hae.
O tlameha o be le lebitso le letle mme o phele hantle o tshwanelehe ho ka nehwa botshepehi ba ho boloka ngwana.
Ha motswadi wa tlhaho wa ngwana e le moahi wa Afrika Borwa, le wena o tshwanetse o be moahi wa Afrika Borwa mme o dule Afrika Borwa.
Ha o se moahi wa Afrika Borwa, o tlameha ho ba le ditshwanelo tsa boahi kapa o be o se o entse kopo ya boahi.

Diketso tsa botswadi ba semolao tsa sephiring, moo batswadi ba ngwana ba sa dumellwang ho tseba bao e tlang ho ba batswadi ba semolao kapa moo ngwana a tlang ho phela teng ka mora kamohelo ya botswadi ba semolao, di taolong ya Section 18 of the Child Care Act, 1983  ya Molao wa Tlhokomelo ya Ngwana, 1983) mme di ka etsahala feela ha lekgotla la bana le kgotsofetse hore hona ho tla ba molemong wa sebele wa ngwana.

Ha lekgotla la bana le boletse hore ngwana kapa bana ba hloka tlhokomeloo le tshireletso, mmaseterata wa lekgotla la bana o tla beha bana bao tlasa tlhokomeloi ya boalosi, lehaeng la bana, sekolong sa indasteri kapa sebakeng sa polokeho. Leha ho le jwalo, ngwana kapa bana ba ka kgutlisetswa tlhokomelong ya motswadi, mohlokomedi kapa molebedi moo ba tla lekolwa ke mosebetsi wa tsa bodulo. Maemong ana, Lefapha Ntshetsopele ya Setjhaba le lefa thuso ya tlhokomelo ya ho hodisa ho batswadi ba hodisang.
Botswadi ba semolao bo rerwang bo tlameha ho ba molemong wa sebele wa ngwana mme bo be molemo thekolohelong ya ngwana.

Hodimo

Mehato e latelwang

Eya ho tlelereke ya lekgotla la bana seterekeng seo ngwana a dulang ho sona.
Tlatsa Foromo 11, Application for the adoption of a child , bakeng sa ngwana e mong le e mong eo o batlang ho ba motswadi wa hae semolao.
Romela foromo mmoho le

kopi e netefaditsweng ya tokomane ya boitsebiso ya mokopi ka mong mmoho le setifikeiti sa sethatho sa tswalo kapa tokomane ya sethatho ya boitsebiso ya ngwana ka mong ya tla amohelwa tlasa botswadi ba semolao;
Foromo 12b, Adoption of foster child : setatemente sa motswadi ya hodisang, se fupereng setatemente se ngotsweng ke motswadi ya hodisang ngwana sa hore ha a lakatse ho amohela botswadi ba semolao ba ngwana; le,
moo ho hlokahalang, Foromo 12, Consent by parent or guardian to the adoption of a child , e fupereng tumello e ngotsweng ya motswadi bakeng sa botswadi ba semolao, mmoho le Foromo 13, Consent by child to adoption , e fupereng tumello e ngotsweng ya ngwana.

Tumello ya kamohelo ya botswadi ba semolao e tlameha ho fumanwa ho:

Batswadi ba tswalang ngwana eo lenyalong ka bobedi
Mme wa ngwana ya tswetsweng ka ntle ho lenyalo
Ngwana ka boyena, ha a le ka hodimo ho dilemo tse 10; mme lekgotla le tlameha ho kgotsofala hore ngwana o utlwisisa maemo le bohlokwa ba tumello e jwalo
Motswadi ya hodisang eo ngwana a leng kgathallong ya hae, ha motswadi ya hodisang a sa etsa kopo ya ho amohela botswadi ba semolao ba ngwana. Ha, leha ho le jwalo, motswadi ya hodisang a hloleha ho nehelana ka tumello ya hae ho botswadi ba semolao nakong ya kgwedi a kopilwe ho etsa jwalo ke mothusi wa lekgotla la bana, tshebetso ya kamohelo ya botswadi semolao e tla tswela pele ntle le tumello ya hae e kotjwang.

Tumello ha e hlokahale tlasa maemo a latelang:

Ha batswadi ba ngwana ba hlokahetse mme ho se molebedi ya thontsweng
Ha motswadi

a hloka bokgoni ba ho nehelana ka tumello ka lebaka la ho se phele kelellong;
a siile ngwana a le mong mme ho sa tsejwe hore o kae;
a shapile kapa a hlekefeditse ngwana kapa a dumelletse hore a shatjwe kapa hloriswe;
a bakile kapa a thusa kgohelong, tjhobedisong kapa thekisong ya mmele ya ngwana kapa a bakile kapa a thusa ngwana ho etsa diketso tse hlabisang dihlong;
e le motswadi wa ngwana eo, ho ya ka Karolo 16, ya behilweng kalosong ya motswadi ya hodisang kapa ke ngwana wa lehaeng la bana kapa sekolong sa indasteri; kapa
a hana ka tumello ya hae ntle ho lebaka le utlwahalang.

Hodimo

Molao o sebediswang



Child Care Act, 1983  

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Hangata tshebetso ya kamohelo ya botswadi ba semolao e nka nako e telele mme e ka lelefala le ho feta ha maemo a le marangrang.

Hodimo

Ditjeo

Bakeng sa dipotso ka ditefiso ikopanye le diakgente, Makgotla a Molao a Bana le Diofisi tsa Ntshetsopele ya Setjhaba.

Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang



Form 11: Application for the adoption of a foster child 
Form12: Consent by parent or guardian to the adoption of a child 
Form12A: Withdrawal of consent to adoption by parent or guardian of child 
Form12B: Adoption of foster child : statement by foster parent 

Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


