
Kopo ya tumello ya ditshebetso tsohle tse amanang le diphedi tse fetotsweng ho ya ka lefutso mona Afrika Borwa
Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Lefapha la Temo le laola Genetically Modified Organisms Act, 1997 . Hona ho kenyeletsa ho ntshuwa ha ditumello, nehelano ya matla kapa disetifikeiti tsa:

ho kenya hara naha diphedi tse fetotsweng ho ya ka lefutso  mona Afrika Borwa
ho romela kantle ho naha di-GMO ho tswa Afrika Borwa
ho sebedisa di-GMO tlasa taolo ya laboratori, kamoreng ya ho hodisa kapa ntlo ya dimela tse tala
ho kenya GMO ka sepheo tikolohong ya Afrika Borwa moo ho tsamaiswang tokollo ya teko
ntshetsopele kapa katoloso ya ditshebetso tsa nako e fetileng tse nehuweng matla
ho hleka thepa  kapa bakeng sa ho etsa dihlahiswa) ya di-GMO
tokollo ka bophara bakeng sa temo ya kgwebo le tshebediso ya di-GMO
ngodiso ya ditlhophiso tse amehang ditshebetsong tsa di-GMO
maemo a merwalo ya GMO.

Hodimo

Mehato e latelwang

Fumantsha hore ke nehelano efe ya matla eo o e hlokang mme o tlatse foromo e tshwanelehileng.
Hlokomela dintho tse hlokwang pele bakeng sa dikopo tse itseng:

tokollo ka bophara ya dikopo e tlameha ho etellwa pele ka ho tlatsa ditshebetso tikolohong ya Afrika Borwa nakong ya dinako tse tharo tsa temo
dikopo tsa ho tswela pele ka tshebetso di tla amohelwa feela ha tshebetso e ne e nehilwe matla nakong e fetileng.

Romela kopo mmoho le palo e behilweng ya dikopi ho Mongodisi wa di-GMO.
Romela kopi e eketsehileng ya kopo, e sa fuparang tlhahisoleseding ya sephiri ya kgwebo, ho Mongodisi wa di-GMO.
Lefa tefiso e balletsweng .
Romela tlaleho ya ditshebetso tse tsamaisitsweng nakong e fetileng .
Romela bopaki ba ditsebiso tsa bohle .
Bakopi ba tshwanela ho sebedisa ditataiso tse latelang:

guideline document for work with genetically modified organisms 
guideline document for use by the Advisory Committee when considering proposals/applications for activities with genetically modified organisms 
terms of reference for sub-committees to assist the Advisory Committee in terms of Section 11 of the Genetically Modified Organisms Act, 1997  
guideline document for making a public notification in terms of Regulation 6 of the GMO Act 
GMO transit policy .


Hodimo

Molao o sebediswang

Genetically Modified Organisms Act, 1997  

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Mongodi o hlomamisa ho tsamaelana ha kopo le dipehelo tsa Genetically Modified Organisms Act, 1997 .
Komiti ya Boeletsi e hlahloba data ya saense e rometsweng le kopo mme e etsa dikgothaletso mabapi le polokeho ya tshebetso e rerwang ho Lekgotla la Phethahatso.
Mongodisi o fumana diphehiso tsa setjhaba  nakong e dumelletsweng.
Lekgotla la Phethahatso le etsa qeto mabapi le kopo, le ela hloko kopo, dikgothaletso tsa Komiti ya Boeletsi, diphehiso tsa setjhaba le diphetho tse ka bang teng ho dikarolo tse kang tsa temo, bophelo, tikoloho, basebetsi, kgwebo le saense le ntshetsopele ya teknoloji.
Ha qeto ya Lekgotla la Phethahatso e le e dumelang, Mongodisi o nehelana ka matla a ho ntshuwa ha tumello.
Mongodisi o ntsha tumello e tshwanelehileng.
Ditumello tsohle di felehetswa ke dipehelo tsa ditshelo .
Bahlahlobi ba tswang ho Lefapha la Temo ba latela ho phethahatswa ha dipehelo tsa tumello.

Hodimo

Ditjeo

