Kopo ya ntjhafatso ya laesense ya ho ba le sethunya
Re a tsotella Re ya ikamahanya Re ya sebeletsa
Ditshebeletso tsa batho
Ditshebeletso tsa Mekgatlo
Ditshebeletso tsa dinaha tsa ka ntle
Kgetha puo
Kopo ya ntjhafatso ya laesense ya ho ba le sethuny
Dintlha tsa boikgethelo
Hatisa leqephe lena
Romela leqephe lena ka e-mail
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Leqephe la ho qala
Ditshebeletso tsa batho
Ho shebana le molao
Dithunya
Kopo ya ntjhafatso ya laesense ya ho ba le sethuny
Kopo ya ntjhafatso ya laesense ya ho ba le sethunya
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
Sepheo sa Molao wa Taolo ya Dithunya, 2000, ke ho etsa bonnete ba hore motho o ba le bokgoni ba ho tshwara kapa ho ba le sethunya.
Hodimo
Mehato e latelwang
O lokela ho phetha ka katleho teko e beuweng ho bontsha tsebo ya hao ya Molao ho moabi ya ananetsweng wa thupelo. Ha o qeta ho fumana setifikeiti sa thupelo ho tswa ho moabi ya ananetsweng wa thupelo kapa ba SASSETA (Safety and Security SETA), etsa kopo ho ba Tshebeletso ya Sepolesa sa Afrika Borwa bakeng sa setifikeiti sa bokgoni.
Ka yona nako eo o ka nna wa etsa le kopo ya ntjhafatso ya laesense kapa dilaesense tse fapaneng tseo o nang le tsona tsa dithunya. Dinako tsena tse latelang tsa ntjhafatso, tse yang ka matsatsi a tswalo, ke tsona tse sebediswang:
Letsatsi la tswalo
Nako ya ntjhafatso
Pherekgong ho ya ho 31 Tlhakubele
Pherekgong 2005 ho ya ho 31 Tshitwe 2005
Pherekgong 2006 ho ya ho 31 Tshitwe 2006
Pherekgong 2007 ho ya ho 31 Tshitwe 2007
Pherekgong 2008 ho ya ho 31 Tshitwe 2008
E ya le ditokomane tsena tse latelang ho Mohlanka ya Kgethuweng wa Dithunya e leng Designated Firearms Officer (DFO) seteisheneng sa mapolesa se haufi le moo o dulang:
o tokomane ya hao ya boitsebiso ya semmuso o laesense kapa dilaesense tsa hao tsa mantlha, phemiti kapa tumello ya sethunya kapa dithunya eo o batlang ho e ntjhafatsa o setifikeiti sa thupelo sa mantlha se fumanweng ho moabi ya ananetsweng wa thupelo o setifikeiti sa mantlha sa bokgoni (ha ho se ho fanwe ka sona)
o dinepe tse nne tse hlakileng tsa boholo ba dinepe tsa phasepoto, tsa nako e eso ka e feta dikgwedi tse tharo (dinepe tse pedi di hlokeha bakeng sa dilaesense tsa dithunya tsohle tseo o batlang ho di ntjhafatsa mme tse pedi bakeng sa kopo ya setifikeiti sa bokgoni).
Tlatsa dikarolo tse tshwanetseng tsa diforomo SAPS 517 (Kopo ya setifikeiti sa bokgoni) le SAPS 517(e) (Kopo ya ntjhafatso ya laesense ka ho ya ka Molao wa pejana).
DFO o tla ho neha setlankana se tsejwang ka remittance advice SAPS 523a a ho laele hore o ye ofising ya ditjhelete seteisheneng sa mapolesa ho ya lefa tefello e hlokehang ya R70 bakeng sa setifikeiti sa bokgoni le R70 bakeng sa laesense ka nngwe ya sethunya eo o batlang ho e ntjhafatsa. Tefello e lokelwa ho etswa ka mokgwa wa kontane kapa tjheke e tiiseditsweng ke banka. O tla nehwa setlankana sa ditshenyehelo Z263 jwalo ka bopaki ba tefello. Romela Z263 ho DFO ho ya sebetswa hape bakeng sa kopo ya hao.
O tla fumana setlankana se saennweng sa kananelo (SAPS 523) jwalo ka bopaki ba hore o rometse dikopo tseo bakeng sa ntjhafatso ya laesense kapa dilaesense tsa sethunya.
Hodimo
Molao o sebediswang
Ditokomane di fuwa ka tsela ya PDF, ho bula ditokomane tsa PDF o tshwanela o be le Adobe Acrobat Reader 4 kapa hodingwana e kentsweng ho khompyuthara ya hao.
Hodimo
Maemo a tshebeletso
DFO o tla etsa tekolo ya boitshetleho ba hao ho fumana hore o a tshwaneleha ho tshwara sethunya na. DFO hape o tla hlahloba sebaka sa hao ho bona hore na ho na le mehato ya polokeho eo o e nkileng sebakeng seo o dulang ho sona na, le ho bona seifi ya hao ya sethunya, ho bona hore na o latetse maemo a amohelehileng a South African Bureau of Standards (SABS). Ha o fumane laesense ya sethunya pele ho la 1 Phupu 2004 mme o lokela ho ntjhafatsa laesense eo, ha o a tlameha ho reka seifi e ntjha. Ditlhoko tse leng teng ka ho ya ka Melawana ya Dibetsa le Dithunya, 1994, e nkuwa e amohelehile. Haebe ho na le seifi efe kapa efe e sa lateleng ditlhoko tseo, o lokela ho reka seifi e ntjha e tla latela ditlhoko tsa maemo a amohelehileng a SABS.
Ka mora ho ela hloko ka katleho kopo/dikopo, DFO o tla iteanya le wena ka seqo sa hao hore o tlilo lata setifikeiti sa hao sa bokgoni (haebe ha se eso tswe) le laesense/dilaesense tsa hao tsa sethunya.
Hodimo
Ditjeo
Laesense ka nngwe: R70
Hodimo
Diforomo tse tlatsuwang
Diforomo di fuwa ka tsela ya PDF. Ho bula ditokomane tsa PDF o tshwanela o be le Adobe Acrobat Reader 4 kapa hodingwana e kentsweng ho khompyuthara ya hao.
Hodimo
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
Letsatsi la ho qetela leo dintlha di lekotsweng butjha ka lona:
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Dipehelo le maemo a tshebediso
