Nehelwa lengolo la bopaki la phytosanitary la ho r
Re a tsotella Re ya ikamahanya Re ya sebeletsa
Ditshebeletso tsa batho
Ditshebeletso tsa Mekgatlo
Ditshebeletso tsa dinaha tsa ka ntle
Kgetha puo
Nehelwa lengolo la bopaki la phytosanitary la ho r
Kopo ya thomello ka ntle ya tlhapi ka sepheo sa kg romela kantle ho naha dimptjhe le mahe a dimptjhe
Papatso ya diyantle le thuso ya dipeeletso
Kopo ya tumello ya ho romella kantle
Kopo ya ho tjhaelwa monwana le ngodiso
Dintlha tsa boikgethelo
Hatisa leqephe lena
Romela leqephe lena ka e-mail
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Leqephe la ho qala
Ditshebeletso tsa Mekgatlo
Ditshebeetso tsa ditswantle le diyantle
Kopo ya tumello ya ho romella kantle
Nehelwa lengolo la bopaki la phytosanitary la ho r
Kopo ya ho nehelwa lengolo la bopaki la phytosanitary la ho romella ka ntle dimela le dihlahiswa tsa dimela
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
Baromelli ka ntle ba dimela le dihlahiswa tsa dimela ba tlameha ho fumana matla a phytosanitary ka mokgwa wa tumello ya setswantle e nehelwang ke Lekgotla la Naha la Tshireletso ya Dimela (National Plant Protection Organisation) (NPPO) la naha e amohelang setswantle le lengolo la bopaki la phytosanitary le tswang ho NPPO ya Afrika Borwa.
Hodimo
Mehato e latelwang
Fumana ho moreki wa setswantle kapa akgente ho naha ya setswantle hore maemo a phytosanitary a setswantle a naha e amohelang setswantle a kenyeletsa eng. NPPO ya Afrika Borwa le yona e ka nehelana ka tlhahisoleseding.
Akgente kapa moreki wa setswantle naheng e amohelang setswantle o tlameha ho etsa kopo ya matla a tshwanang le tumello ya setswantle ho NPPO ya naha e amohelang setswantle. Maemo a setswantle a hlomamisitswe tumellong ya setswantle.
Ka tshebedisano le NPPO ya Afrika Borwa, hlomamisa hore na o a tsamaelana kapa tjhee le maemo a setswantle a naha e amohelang setswantle.
Ha o kgona ho tsamaelana le maemo a setswantle, moromelli ka ntle a ka etsa kopo ya lengolo la bopaki la phytosanitary ho NPPO ya Afrika Borwa.
Moromelli ka ntle o tlameha ho nehelana ka thepa e tla romelwa ka ntle ho NPPO ya Afrika Borwa bakeng sa ho e hlahloba le ho nehelana ka lengolo la bopaki.
NPPO ya Afrika Borwa e nehelana ka lengolo la bopaki la phytosanitary ha thepa e tsamaelana le ditlhoko tsa ditswantle tsa naha e amohelang ditswantle.
Thepa e tlameha ho romelwa ka ntle nakong ya matsatsi a 14 a tlhahlobo ya ho qetela.
Lengolo la bopaki la sethatho la phytosanitary le tshwanela ho tsamaya le thepa.
Ha dimela kapa dihlahiswa tsa dimela di fihla ledibohong la ho kena naheng e amohelang setswantle, bahlahlobi ba NPPO ba naha e amohelang ditswantle ba tla di tshwara ho lokisetsa tekolo le tlhahlobo ya tsona.
Akgente kapa moreki wa ditswantle o tshwanela ho hlakisa ditokomane tsohle le diofisiri tsa tlhakiso tsa naha e amohelang ditswantle ledibohong la ho kena.
Hodimo
Molao o sebediswang
Hodimo
Maemo a tshebeletso
Nako e nkuwang ya ho nehelana ka lengolo la bopaki la phytosanitary e itshetlehile hoexport protocol (molao wa ho romella ka ntle) bakeng sa sehlahiswa se ikgethang le naha.
Hodimo
Ditjeo
Hodimo
Diforomo tse tlatsuwang
Diforomo di fuwa ka tsela ya PDF. Ho bula ditokomane tsa PDF o tshwanela o be le Adobe Acrobat Reader 4 kapa hodingwana e kentsweng ho khompyuthara ya hao.
Hodimo
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
Letsatsi la ho qetela leo dintlha di lekotsweng butjha ka lona:
Dilinki tse nang le dikamano
Lefapha la Temo
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Dipehelo le maemo a tshebediso
