Kopo ya lengolo la bopaki la ho romella jwala ka ntle
Re a tsotella Re ya ikamahanya Re ya sebeletsa
Ditshebeletso tsa batho
Ditshebeletso tsa Mekgatlo
Ditshebeletso tsa dinaha tsa ka ntle
Kgetha puo
Kopo ya lengolo la bopaki la ho romella jwala ka n
Kopo ya ho tswaka jwala bo bongata ba setswantle
Kopo ya lengolo la bopaki la tokollo ya ho reka jw
Kopo ya tumello ya ho rekisa jwala bo bongata
Dintlha tsa boikgethelo
Hatisa leqephe lena
Romela leqephe lena ka e-mail
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Leqephe la ho qala
Ditshebeletso tsa Mekgatlo
Diphemiti le dilaesense
Diphemiti tsa jwala
Kopo ya lengolo la bopaki la ho romella jwala ka n
Kopo ya lengolo la bopaki la ho romella jwala ka ntle
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
Ba ka bang baromelli ka ntle ba tshwanela ho ya ho website: www.wineonline.co.za, moo ba tlang ho fumana lenaneo le thehilweng ho inthanete la tshebetso yohle ya ho romella ka ntle. Baromelli ka ntle ba tshwanela ho ngodisa pele ba ka sebedisa lenaneo.
Hodimo
Mehato e latelwang
O tla nehwa lebitso la ho kena (logon) le password hore o sebedise lenaneo.
Etsa dikopo tsohle ka kgokahano ya inthanete.
Romela kopo e arohileng bakeng sa sehlahiswa se seng le se seng sa jwala se sa tshwaneng le dihlahiswa tse ding tsa jwala ka moromelli, sebopeho, leibole kapa nomoro ya pokello ya dihlahiswa.
Jwala bo romelwang bo tshwanela ho bolokwa ka thoko ho jwala bo bong. Sampole ya bonyane ba 2,25 ya dilithara (3 x 750 ml) e tshwanela ho ntshuwa ho thomelo bakeng sa ho utlwa tatso. Disampole di tshwanela ho finyella dikantorong tsa Liquor Products (Dihlahiswa tsa Jwala) pele ho hora ya 16:00 ka Labobedi bakeng sa ho latswa ka Labone le pele ho hora ya 16:00 ka Labone bakeng sa ho latswa ka Labobedi.
Ha o laesha ho setshelo sa thoto a ngata, o tshwanela ho ntsha sampole ya taolo ya (2 x 750 ml) ho setshelo se seng le se seng. Ha mohlahlobi a le siyo meahong nakong eo o laeshang, wena, moromelli, ke boikarabelo ba hao ho ntsha le ho romela disampole tsa taolo ho Division Liquor Products (Karolo ya Dihlahiswa tsa Jwala) Stellenbosch.
Phatlalatsa ho laesha ho karolo nakong ya dihora tse 48.
Hodimo
Molao o sebediswang
Ditokomane di fuwa ka tsela ya PDF, ho bula ditokomane tsa PDF o tshwanela o be le Adobe Acrobat Reader 4 kapa hodingwana e kentsweng ho khompyuthara ya hao.
Hodimo
Maemo a tshebeletso
Jwalo ka basebedisi, baromelli ka ntle kapa baemedi ba bona ba amohetsweng jwalo ka diakgente tsa ho romela thepa, ba ka hatisa lengolo la bopaki ba thomello ka ntle ka bobona ho tswa ho website kapa ba a lata ho Division Liquor Product (Karolo ya Dihlahiswa tsa Jwala) Stellenbosch.
Hodimo
Ditjeo
Lengolo la bopaki la thomello le disampole: R58 mmoho le R4,50 ka hl
Kopo ya bolaodi: R27 mmoho le R4,50 ka hl
Ntjhafatso ya nako ya mohau ya kutlo: R115 mmoho le tefiso ya tlhophollo
Tokollo: R37
VI 1 le a mang mangolo a bopaki a tlhophollo: R27
Ho hlahlojwa ha dithomelo tsa thomello ka ntle ka mora dihora tsa mosebetsi: R520 ka hora kapa karolo ya yona.
Hodimo
Diforomo tse tlatsuwang
Etsa kopo ka tsela ya khomputara.
Hodimo
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
Letsatsi la ho qetela leo dintlha di lekotsweng butjha ka lona:
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Dipehelo le maemo a tshebediso
