ho ananya laesense ya ho kganna ya baditjhaba
Re a tsotella Re ya ikamahanya Re ya sebeletsa
Ditshebeletso tsa batho
Ditshebeletso tsa Mekgatlo
Ditshebeletso tsa dinaha tsa ka ntle
Kgetha puo
Kopo ya laesense ya ho ithuta laesense ya nakwana ya ho kganna
Kopo ya tumello ya ho ba mokganni wa profeshenale laesense ya ho kganna ho ananya laesense ya ho kganna ya baditjhaba
Ntjhafatso ya laesense ya ho kganna phumantsho ya laesense ya ho kganna bakeng sa e la
Dintlha tsa boikgethelo
Hatisa leqephe lena
Romela leqephe lena ka e-mail
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Leqephe la ho qala
Ditshebeletso tsa batho
Ho kganna le ho ithuta ho kganna ho ananya laesense ya ho kganna ya baditjhaba
Kopo ya ho fetola laesense ya ho kganna ya boditjhaba
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
Dilaesense tsa ho kganna tse ntshitsweng dinaheng tse ding mme tsa amohelwa Afrika Borwa di tla fetolelwa sebopehong sa karete ya mokitlana sa dilaesense tsa ho kganna ha batho ba di tshwereng ba etsa kopo ya laesense ya Afrika Borwa ho ya ka Molao wa Naha wa Sephethephethe sa Mebileng, wa selemo sa 1996.
Kopo ya ho fetola phemiti ya matjhaba ya ho kganna e lokela ho felehetswa ke laesense ya ho kganna e ntshitsweng ke bolaodi ba boditjhaba.
Laesense ya boditjhaba ya ho kganna kapa phemiti ya ho kganna ya matjhaba e fetolelwa feela laesenseng ya Afrika Borwa haeba mokopi e le moahi wa Afrika Borwa kapa o fumane bodulo ba ruri (mohl. sena ha se etsahalle batho ba diphemiti tse dumelletsweng kapa tsa boemedi ba mmuso wa kantle).
Laesense ya boditjhaba ya ho kganna e tlameha ho amoheleha ka letsatsi la phetolo mme e lokela ho ngolwa ka e nngwe ya dipuo tsa semmuso tsa Afrika Borwa. Haeba sena ha se etsahale, kopo e tlameha ho felehetswa ke phetolelo e ntshitsweng ke bolaodi bo nang le tsebo.
Laesense ya boditjhaba e tla fela ha motho ya tshwereng laesense a qala ho dulela ruri kapa a fumana tumello ya ho dulela ruri mona Afrika Borwa.
Hodimo
Mehato e latelwang
Tlatsa foromo ya DL1, Kopo ya phetolo ya laesense ya ho kganna setsing sefe kapa sefe sa tlhahlobo ya laesense ya ho kganna.
Hlahisa ditokomane tse latelang:
o boitsebiso bo amohelehang jwalo ka ha ketsamolao ya Afrika Borwa e hloka (mohl. Bukana ya Boitsebiso (ID), ID ya nakwana, phasepoto e amohelehang ya Afrika Borwa, kapa phasepoto ya baditjhaba e nang le phemiti ya ho dulela ruri)
o lengolo le tswang ho bolaodi bo nang le tsebo le tiisang ho amoheleha ha laesense ya hao ya ho kganna ya boditjhaba. Hape, lengolo le lokela ho hlalosa sehlopha sa laesense (mofuta wa koloi e ka kgannwang)
o laesense ya ho kganna ya boditjhaba o dinepe tsa ID tse nne tsa mmala o motsho le o mosweu.
Lefa tjhelete e behetsweng.
Teko ya mahlo e tla etswa setsing pele phetolo e phethelwa.
Ela hloko:O ke ke wa etsa tlhahlobo ya laesense ya ho kganna. Laesense ya ho kganna ya nakwana e amohelehile dikgwedi tse tsheletseng mme e ntshwa hanghang, ntle le tefo.
Hodimo
Molao o sebediswang
Ditokomane di fuwa ka tsela ya PDF, ho bula ditokomane tsa PDF o tshwanela o be le Adobe Acrobat Reader 4 kapa hodingwana e kentsweng ho khompyuthara ya hao.
Hodimo
Maemo a tshebeletso
Nako ya ho fetolela laesense e fapana ho ya ka setsi se seng le se seng ka baka la ditshebetso tsa ka hare tsa tlhahlobo ya ditjhelete semmuso.
Hodimo
Ditjeo
Limpopo
Mpumalanga
Hodimo
Diforomo tse tlatsuwang
Hodimo
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
Thusa o kgethe provense
Kapa Leboya
Limpopo
Mpumalanga
Letsatsi la ho qetela leo dintlha di lekotsweng butjha ka lona:
Tlhahisoleseding e Amanang le Hona
SABS
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Dipehelo le maemo a tshebediso
