Re a tsotella Re ya ikamahanya Re ya sebeletsa
Ditshebeletso tsa batho
Ditshebeletso tsa Mekgatlo
Ditshebeletso tsa dinaha tsa ka ntle
Kgetha puo
Ho fetola setifikeite sa mahae a maqheku
Kopo ya tsamaiso ho fedisa le ho hlakola ngodiso y
Dintlha tsa boikgethelo
Hatisa leqephe lena
Romela leqephe lena ka e-mail
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Leqephe la ho qala
Ditshebeletso tsa Mekgatlo
Ho emisa ka tshebetso
Ho hlakola ngodiso ya kgwebo
CC e ka tlohela ho sebetsa mme e lakatse hore e hlakole ngodiso, kapa e fediswe. Maemo ana a ka rarahana mme a be le botegniki, mme MongodisI wa Dikhampani o tshwanetse ho nehwa tlhahisoleseding ya botsebi.
Ho fediswa ho bolela hore CC
ha e kgone ho lefa melato ya yona;
e tlohetse ho sebetsa (hangata ka lebaka la ditsietsi tsa ditjhelete); kapa ditho di lakatsa ho aba diphahlo tsa CC mahareng tsa tsona.
CC e ka fediswa ka lebaka la tshebetso ya lekgotla la molao (ka kopo ya motho ya kolotwang) kapa ho fediswa ho ka etsahala ka boithaopo (ka kopo e entsweng ke ditho tsa CC). Ha ditho tsa CC di etsa kopo ya ho fediswa ka boithaopo, tshireletso ya (JM12) e a hlokwa ho Mongodisi wa Dikhampani.
Ho hlakola ngodiso ho bolela hore CC e a hlakolwa ho database mme CC eo e feletswe ke ho ba teng. Kgwebo e ka tswela pele ka mokgwa o fapaneng, mohlala, jwalo ka kgwebo ya motho a le mong, ha ho hlakola ngodiso ho phethilwe.
Setatemente se ngotsweng se rometsweng ke motho ofe kapa ofe ya nang le thahasello (mohlala, SARS, motho ya kolotwang, mongodisi kapa setho) se tshwanela ho nehelwa Mongodisi wa Dikhampani.
Mehato e latelwang
Ntsha foromo ya kopo, CK6.
Nehelana ka dikopi tse tiiseleditsweng tsa dibukana tsa boitsebiso tsa ditho tsohle tsa CC.
Ha CC e fediswa ka boithaopo, dikopi tse pedi ya foromo ya CK6 di tlameha ho romelwa.
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ho ka nka pakeng tsa letsatsi le le leng le a mabedi ho phetha tshebetso ya ho hlakola.
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
Provinse:
Toropo:
Mohala:
Aterese ya moaho:
Aterese ya poso:
Letsatsi la ho qetela leo dintlha di lekotsweng butjha ka lona:
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Dipehelo le maemo a tshebediso
