Re a tsotella Re ya ikamahanya Re ya sebeletsa
Ditshebeletso tsa batho
Ditshebeletso tsa Mekgatlo
Ditshebeletso tsa dinaha tsa ka ntle
Kgetha puo
Kopo ya ho fana ka tsebiso ya ho hlokahala ha moth
Ho hlomamisa semolao le ho netefatsa ditokomane ts
Ditshebeletso tsa batshwaruwa ba Afrika Borwa ba k
Ditshebeletso tsa ba malapa a baahi ba naha ya Afr
Dintlha tsa boikgethelo
Hatisa leqephe lena
Romela leqephe lena ka e-mail
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Leqephe la ho qala
Ditshebeletso tsa batho
Ho tswa Afrika Borwa
Ditshebeletso tsa kantle ho naha
Ditshebeletso tsa boemedi ba naha matjhabeng
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
Lekala le Phahameng la Ditshebeletso tsa Boemedi ba Naha Matjhabeng Lefapheng la Ditaba tsa ka Ntle mmoho le Dikarolo tsa Boemedi ba Naha Matjhabeng tsa Baemedi ba Afrika Borwa le fana ka ditshebeletso ho baahi ba naha ya Afrika Borwa ba sebetsang, ba phela le ho etela dinaheng tsa mose.
Na ke ditshebeletso dife tseo baahi ba naha ya Afrika Borwa ba ka di lebellang ho tswa ho Bahlanka ba Boemedi ba Naha Matjhabeng?
Thuso ya merero ya ho ntshwa ha baahi ba naha ya Afrika Borwa dinaheng tsa mose ha ho ka ba le dintwa tsa dipolotiki, dikoduwa tsa tlhaho kapa tse bakwang ke batho.
Kgokahanyo ya ba lelapa ba leng Afrika Borwa le/kapa metswalle lebitsong la baahi ba naha ya Afrika Borwa ba leng mose tlasa maemo a tshohanyetso.
Ho fana ka thuso e sa kenyeletseng ditjhelete ya ho busetswa lapeng le tlhokomelo e hlokehang ka potlako ya bongaka le seprofeshenale.
Ho ba lehokela le bolaodi ba selehae bakeng sa ho batla le ho fumana baahi ba naha ya Afrika Borwa ba leng mose, ho sa kenyelletswe baahi ba naha ba batlwang ke batho ba butseng nyewe tsa tlolo ya molao kgahlanong le bona.
Thuso ho ba malapa bakeng sa ho nolofatsa ho fetiswa ha ditjhelete ho ya ho ditho tsa lelapa tse mathateng.
Ho fana ka ditshebeletso tsa tshehetso le dikeletso moo ho kwetetsweng batho.
Mofuta wa ketsahalo (mohlala, koduwa ya nyutlelea) le polokeho ya bahlanka ho ka susumetsa bokgoni ba rona ba ho arabela.
Ho kwallwa:
Ho iteanya le ba malapa a batho ba tshwerweng kapa ba kwalletsweng mose ha ba kotjwa ke batho bao ba tshwerweng kapa ba kwalletsweng.
Ho thusa ka ho fetiswa ha ditjhelete ho ya ho batshwaruwa ba mose, ho ntse ho latelwa melao le melawana ya tshebetso ya naha e tshwereng motho ekasitana le melawana ya Banka ya Risefe ya Afrika Borwa mabapi le ho fetisetswa ha ditjhelete mose.
Ho thusa ka ho romela mangolo le meriana ho baahi ba naha ya Afrika Borwa ba kwalletsweng mose. Hona ho tla ya ka dipehelo le ditefello tse beuweng tsa Lefapha la Ditaba tsa ka Ntle ho Naha ka ho latela le melao le melawana ya naha e tshwereng motho. Ditefello tsena di ka ntjhafatswa nako le nako.
Ditshebeletso tsa molao le Boemedi ba Molao:
Ho thusa ka phano ya ditokomane tsa molao bakeng sa baqosuwa mose ka metjha ya tshebetso ya tsamaiso ya molao.
Ho thusa ka dikopo bakeng sa ho busetswa lapeng, mangolo a nang le thohako, edictal citations le bopaki ka khomishene ka tsamaiso ya molao.
Ho hokela di-apostilles le ditifikeiti tsa tumello ditokomaneng tsa mmuso tsa setjhaba.
Ho fana ka thuso eo e seng ya ditjhelete ho diphofu tsa botlokotsebe.
Ho fana ka dikeletso, tataiso le tshehetso ho batswadi ba hodisang bana kapa bahlokomedi, ka tshebedisano le ba Ofisi ya Boemedi ba Malapa ka nqeng ya ho kwetelwa ha bana ba Afrika Borwa ho ya dinaheng tsa matjhaba. Moo ho nang le bopaki ba hore bophelo le polokeho ya ngwana e kotsing, taba e tla tshwarwa jwalo ka ya tshohanyetso.
Ho fana ka lenane la maqwetha a sebaka.
Ditshebeletso tse ding:
Ho thusa ho fumana diphasepoto tse ding hape sebakeng sa sa tse lahlehileng, tse utswitsweng, tse senyehileng kapa tse felletsweng ke nako ha ba le mose (ho na le ditefello tse beuweng).
Ho fana ka kadimo e nyenyane ya tshohanyetso (tlasa mabaka a itseng le ka ho ya ka hore tefello e tla ba le tswala. Kadimo ho fanwa ka yona feela ha ho fihlelwa ditlhoko le ka therisano le ba Lefapha la Ditaba tsa ka Hara Naha).
Ho tsebisa ba leloko ha ho ka ba le ya hlokahalang a le mose, lefu le bolayang kapa kotsi ho baahi ba naha ya Afrika Borwa. Ho tla fanwa hape le ka thuso eo e seng ya tjhelete le dikeletso mabapi le ho kgutliswa ha setopo sa motho wa Afrika Borwa ya hlokahetseng mose.
Ho kopa bolaodi ba sebaka ho fuputsa ka ho hlokahala ha batho ho belaetsang mmoho le botlokotsebe kgahlanong le baahi ba naha ya Afrika Borwa.
Ho fana ka tataiso le dikeletso mabapi le ho adopthiwa ha bana ka ho sebedisa Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba.
Ho fana ka thuso le tataiso baemeding ba matjhabeng mabapi le baahi ba dinaha tsa bona ba leng Afrika Borwa.
Ho shebana le dikopo tsa tlhahisoleseding kapa ho leka ho romela motho ya botsang mohloding o nepahetseng.
Ke ditshebeletso dife tseo ho sa fanweng ka tsona ke Bahlanka ba Boemedi ba Naha Matjhabeng?
ho lokollwa tjhankaneng ho kena dipakeng tsamaisong ya dinyewe dinaheng tsa matjhaba ho fana ka dikeletso tsa semolao ho itshunya kapa ho qala tshebetso ya lekgotla la dinyewe ho kopa bolaodi ba sebaka ho fana ka tshwaro e ikgethang ho batho ba Afrika Borwa ho fuputsa botlokotsebe kapa ho hlokahala ho fumana rekoto ya botlokotsebe lebitsong la hao ditefello tsa ho tjheswa ha setopo, ho patwa kapa ho busetsa setopo Afrika Borwa ho hlokomela bana ba kwetetsweng ho qobella tumellano ya tlhokomelo ya bo-Afrika Borwa kapa ho susumetsa naha hore e etse qeto ka nyewe ya tlhokomelo ho lefella ditshupamelato tsa hotele, molao, bongaka kapa tse ding ho lefa ditshenyehelo tsa maeto ho phetha mosebetsi o etswang ke di-ejensi tsa maeto, ba difofane, dibanka, jj.
ho fumanela motho bodulo, mosebetsi kapa phemiti a ho sebetsa ho boloka dintho tsa motho ka seqo kapa ho phenyekolla bakeng sa dintho tse lahlehileng ho amohela poso ya motho ka seqo ho fana ka dipenshene le dibenefiti tse ding tsa tshireletso ya bophelo ho thusa ba nang le boahi ba naha tse pedi ka hara naha eo ya bona ya bobedi.
Hodimo
Mehato e latelwang
Iteanye le Moemedi wa Afrika Borwa kapa ba Lekala le Phahameng : Ditshebeletso tsa boemedi ba Naha Matjhabeng mane Lefapheng la Ditaba tsa ka Ntle ho Naha le Pretoria. Ho tla hlokeha mokgwa o sebetsang wa boitsebiso, mme hona ho tla ya ka tshebeletso e batlwang. Ha o belaela, batlisisa pele ka mohala.
Ditshebeletso tsa Boemedi ba Naha Matjhabeng di sebetsa dihora tse 24 ka letsatsi, matsatsing a supileng a beke. Mafelong a beke le ka mora dihora tsa mosebetsi, ho fanwa ka thuso ka tshebedisano mmoho le ba Phaposi ya Mesebetsi ya Lefapha mane Pretoria.
Hodimo
Molao o sebediswang
Hodimo
Maemo a tshebeletso
Tshebeletso
Nako
Tshireletso le Thuso ya Boemedi ba Naha Matjhabeng:
Ho arabela dinthong tsa tshohanyetso
Ka potlako
Ho bua le ba malapa le/kapa metswalle tlasa maemo a tshohanyetso
Ka potlako
Ho fana ka thuso ya ho busetswa lapeng le tlhokomelo e hlokehang ka potlako ya bongaka le seprofeshenale dihora tse 24
Ho tsebisa ba leloko ha ho ka ba le ya hlokahalang
Ka potlako
Ho tsebisa ba leloko ha ho ka ba le lefu le bolayang kapa kotsi
Ka potlako
Ho thusa ka ho kgutliswa ha setopo lapeng kapa ho bolokwa mose dihora tse 24
Ho thusa ka ho fetisetswa ha ditjhelete bathong ba mathateng dihora tse 24
Batho ba lahlehileng kapa ho fumana baahi ba Naha ya Afrika Borwa dihora tse 24
Tlhokomelo ya bana, ba nkuweng ka mahahapa le ba adothilweng dihora tse 24
Ba kwetetsweng kapa ba bolokilweng jwalo ka batshwaruwa
Ka potlako
Ho arabela baemedi ba matjhabeng mona Afrika Borwa le bakgetha-tema ba bang dihora tse 48
Batshwaruwa:
Ho thusa ho fetisetswa ditjhelete ho batshwaruwa ba leng mose dihora tse 72
Ho iteanya le ba malapa a ba tshwerweng kapa ba kwalletsweng mose ha ba kotjwa ho etsa jwalo ke ya kwalletsweng dihora tse 72
Ho thusa ka ho romelwa ha mangolo le meriana ho ba kwalletsweng mose dihora tse 72
Tlhahisoleseding (Ka Hara Naha) -Dikopo tsa tlhahisoleseding le dikeletso ka:
Melawana ya ho Reka le ho Rekisa Thepa ka ntle ho Naha dihora tse 72
Tshebeletso tsa ho rala, ho bopa le ho tsamaisa difofane dihora tse 72
Lekgetho dihora tse 72
Dipenshene dihora tse 72
Ditshebeletso tsa phedisano dihora tse 72
Ditshebeletso tsa molao dihora tse 72
Maeto dihora tse 24
Ho Banka dihora tse 72
Thuto dihora tse 72
Molao le Boemedi ba Semolao:
Ho thusa ka Tshebetso ya Ditshebeletso dihora tse 72
Ho thusa ka Tshebetso tse ding tsa Molao dihora tse 48
Ditshebeletso tsa Tshehetso tsa Nakwana tsa Boemedi ba Naha Matjhabeng dihora tse 72
Ho araba Mafapha a mang a Mmuso, Ditheo, Baemedi ba Afrika Borwa mose le Diyuniti tsa Kgwebo tse ka hara Lefapha la Ditaba tsa ka Ntle ho Naha dihora tse 24
Hodimo
Ditjeo
Tshebeletso ena ke mahala.
Hodimo
Diforomo tse tlatsuwang
O kotjwa hore o iteanye le ba ofisi e haufi le wena ya lefapha.
Hodimo
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
Provinse:
Toropo:
Mohala:
Fekese:
Aterese ya moaho:
Aterese ya poso:
Letsatsi la ho qetela leo dintlha di lekotsweng butjha ka lona:
Dilinki tse nang le dikamano
Lefapha la Ditaba tsa Ka Ntle
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Dipehelo le maemo a tshebediso
