Laesense ya tshebeletso ya kgaso ya radio ya motse
Re a tsotella Re ya ikamahanya Re ya sebeletsa
Ditshebeletso tsa batho
Ditshebeletso tsa Mekgatlo
Ditshebeletso tsa dinaha tsa ka ntle
Kgetha puo
Tumello ya ho tsamaisa seahelo sa ho lokisa tlhapi ho tshwasa ditlhapi ka sepheo sa kgwebo ho tsamaisa kapa ho tshwara dijo ho tshwara le ho tsamaisa lebese
Kopo ya tokelo ya ho batla diraftjwa
Kopo ya phemiti ya ho rafa
Ho etsa kopo ya ho rafa
Kopo ya ngodiso ya ho sebedisa metsi
Tshebeletso ya poso e sa risefuwang
Laesense ya ho tsamaisa Tshebeletso e Risefuweng y
Laesense ya Tshebeletso ya Kgaso ya Kgwebo
Laesense ya tshebeletso ya kgaso ya radio ya motse
Dintlha tsa boikgethelo
Hatisa leqephe lena
Romela leqephe lena ka e-mail
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Leqephe la ho qala
Ditshebeletso tsa Mekgatlo
Diphemiti le dilaesense
Ho etsa kopo ya phemiti hoba laesense
Laesense ya tshebeletso ya kgaso ya radio ya motse
Kopo ya laesense ya tshebeletso ya kgaso ya radio ya motse: nako ya dilemo tse nne
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
Laesense ya Kgaso ya Motse e sebeletsa ditlhoko tsa kgaso tsa motse bakeng sa nako ya boholo ba dilemo tse nne. Yona e ya ntjhafatswa, ha feela o etsa kopo ya ntjhafatso ya laesense e seng pele ho dikgwedi tse tsheletseng pele nako ya yona e fela kapa e seng ka mora dikgwedi tse tharo nako ya yona e fedile. Yona e ntjhafatswa feela ha moga laesense a latetse dipehelo tsa bolaodi ba dilaesense. Laesense e fuwa baahi ba ipopang ho ba khampani ya Karolo ya 21, Terasete, mokgatlo wa baithaopi kapa mokga ofe kapa ofe wa semolao mme o sa etseng diphaello. Maikemisetso a dilemo tse nne tsa Laesense ya Kgaso ya Motse ke ho fihlela ho latelang:
ntshetsopele ya tokelo ya dikgokahano le bolokolohi ba ho ikutlwahatsa ho dumella ho fapafapana ka hara indasteri ya kgaso ho etsa hore baahi jwalo ka bahlahisi, batsamaisi le bamamedi ba be le seabo se mafolofolo tshebetsong ya dikgokahano ho ba lentswe la baahi ho fana ka mananeo a tla bontsha dikgahleho le ditlhoko tse ikgethang tsa baahi, ho kenyelletsang le ditlhoko tsa setso, puo, bodumedi le dipalopalo tsa baahi.
Ho ka fanwa ka Laesense ya Dilemo tse nne ya Kgaso ya Motse tlasa dihlopha tsena tse latelang:
Tshebeletso ya kgaso ya radio
Tshebeletso ya kgaso ya thelevishene.
Laesense e sebetsa dilemo tse nne.
Lefapha la Dikgokahano le tshehetsa beng ba dilaesense tsa dilemo tse nne tsa disebediswa tsa kgaso le tlhahiso, ha feela ba fihlela ditlhoko tsa Lefapha.
Hodimo
Mehato e latelwang
ICASA e tla ntsha memo ya hore ho etswe kopo ya tshebeletso ya kgaso ya motse e be e abela dibaka tse fapaneng di-frequency tse leng teng. Jwalo ka mokopi wa laesense, o lokela ho etsa hona ho latelang:
Ho hloma sehlopha sa tshebetso se tla ba le boikarabelo ba tshebetso ya kopo mme se sebetse jwalo ka mokopi lebitsong la motse.
Etsa bonnete ba hore sehlopha sa tshebetso se etsa hona ho latelang:
o bokella ditshaeno baahing o ngola moralo wa kgwebo o thusa ka hore ho be le dikgetho tsa demokerasi bakeng sa ditho tsa Boto o hlwaya sebaka sa studio le setsha sa transmishene.
Kopa foromo ya kopo ya tshebeletso ya kgaso le kabo ya signal.
Tlatsa foromo ya kopo ka ho hatisa, o sebedisa ditlhaku tse kgolo.
Romela foromo ya mantlha ya kopo le dikhopi tse ding tse tiiseditsweng hoICASA mmoho le tefello ya kopo.
Dikopo tse sa tlwatsang ka botlalo di tla kgutlisetswa ho mokopi mme re ke ke ra amohla boikarabelo ba tshitiso efe kapa efe.
Hodimo
Molao o sebediswang
Ditokomane di fuwa ka tsela ya PDF, ho bula ditokomane tsa PDF o tshwanela o be le Adobe Acrobat Reader 4 kapa hodingwana e kentsweng ho khompyuthara ya hao.
Hodimo
Maemo a tshebeletso
Ho ka nka dikgwedi tse 3 ho isa ho tse 4.
Hodimo
Ditjeo
R3 000 (tefello ya kopo e sa kgutlisweng).
Hodimo
Diforomo tse tlatsuwang
Foromo ya kopo e tla ba karolo ya dishejulu tsa Koranta ya Mmuso.
Hodimo
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
Provinse:
Toropo:
Johannesburg
Mohala:
Fekese:
Aterese ya moaho:
Aterese ya poso:
Letsatsi la ho qetela leo dintlha di lekotsweng butjha ka lona:
Dilinki tse nang le dikamano
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Dipehelo le maemo a tshebediso
