Ho kopa CCMA ho fumana tumellano mabapi le melawana ya ho phiketa ka nako ya seteraeke
Re a tsotella Re ya ikamahanya Re ya sebeletsa
Ditshebeletso tsa batho
Ditshebeletso tsa Mekgatlo
Ditshebeletso tsa dinaha tsa ka ntle
Kgetha puo
Ho kopa komiti ya ditshebeletso tsa bohlokwa
Dintlha tsa boikgethelo
Hatisa leqephe lena
Romela leqephe lena ka e-mail
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Leqephe la ho qala
Ditshebeletso tsa Mekgatlo
Dikamano mosebetsing
Ho kopa CCMA ho fumana tumellano mabapi le melawana ya ho phiketa ka nako ya seteraeke kapa ho notlellwa ka ntle
Molao wa Dikamano Mosebetsing, 1995, o ela hloko tokelo ya ho phiketa. Yunione e ngodisitsweng e ka dumella phikete e ka etswang ke ditho tsa yona mmoho le batshehetsi ba yona bakeng sa merero ya boipelaetso bo nang le kgotso.
Phikete e ka tshwarwa sebakeng sefe kapa sefe seo setjhaba se ka se fihlelang, empa ka ntle ho mabala a ramosebetsi, kapa ka tumello ya ramosebetsi, ka hara mabala a ramosebetsi.
Yunione e ngodisitsweng kapa ramosebetsi a ka kopa Khomishene ya Poelano le Bonamodi e leng Commission for Conciliation, Mediation and Arbitration (CCMA) ho leka ho fumana tumellano pakeng tsa bao ba amehang ngangisanong mabapi le melawana e lokelwang ho sebetsa phiketeng efe kapa efe ya seteraeke kapa ho notlellwa ka ntle. Ha ho se na tumellano e fihletsweng, CCMA e lokela ho beha melawana ya ho phiketa, e ntse e ela hloko mabaka a itseng a sebakeng sa ho sebetsa kapa mabala a mang mabapi le ho phiketa le khoutu efe kapa efe e tshwanetseng ya boitshwaro bo botle.
Melawana e ka dumella basebetsi ho phiketa mabaleng a ramosebetsi ha CCMA e bona hore ramosebetsi o bile thata ka tsela e sa lokang ka ho hanela ho phiketa hoo mabaleng a hae.
Ha o batla ho tseba haholwanyane e ya ho ba Lefapha le Ditiro
Mehato e lokelwang ho latelwa
Yunione e ngodisitsweng kapa ramosebetsi a ka tlatsa foromo ya LRA 4.1 ho kopa CCMA hore e fane ka tumellano ya melawana ya ho phiketaka nako ya seteraeke kapa ho notlellwa ka ntle
Neha motho e mong khopi ya foromo ena.
Fana ka bopaki ba hore khopi ya foromo ena e fuwe motho eo e mong ya amehang ka ho hokela o khopi ya setlankana sa lengolo le ngodisitsweng sa Posong;
o khopi ya rasiti e saennweng ha foromo e isitswe ka letsoho;
o setatemente se saennweng ho tswa ho motho ya isitseng foromo se tiisetsang tshebeletso; kapa o khopi ya tiisetso ya fekse kapa bopaki bofe kapa bofe bo bong bo kgotsofatsang ba tshebeletso.
Romela foromo e tlatsitsweng ho Rejistra: Ofisi ya Provinse ya CCMA.
Haebe ke batho ba fetang ya mong ba amehang ngangisanong kapa haebe ngangisano e kgahlanong le batho ba fetang ya mona, ngola fatshe mabitso a mang mmoho le dintlha tsa pampitshaneng e nngwe ka thoko e be o e hokela foromong.
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Hona ho tla ya ka hore ho nka nako e kae ho rarolla ditsekisano.
Diforomo tse lokelwang ho tlatswa
Kopo ya CCMA ya ho hloma melawana ya ho phiketa, Foromo ya LRA 4.1
Dintlha tsa bao o ka iteanyang lebone
Thusa o kgethe provense
Kapa Leboya
Limpopo
Mpumalanga
Letsatsi la ho qetela leo dintlha di lekotsweng butjha ka lona:
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Dipehelo le maemo a tshebediso
