Sotho.980.yourceleb_10ques
DIPOTSO
Ronnie Nyakale
SEBAPADI SE NANG LE NEO SE BOLELA KA MOO SE RATANG MORADI WA SONA LE KA PHAPANG E KGOLO PAKENG TSA KAROLO YA SENOKWANE HO TV LE YENA KA SEBELE BOPHELONG BA HAE
1. Ho ne ho le jwang o bapala karolo ya Papa Action ho Yizo Yizo"
Bophelo ba ka bo ne bo sulafale e qala feela. Dinokwane di ne di thunyane ka pela ka di mpontsha hore di betere ho mpheta!
2. O iketseditse lebitso ka karolo ya bonokwane. Ke efe e nngwe eo o e kgallang"
Ya moruti. Dikarolo tse ding di a nthabisa mme di nthusa hore babohi ba hlokomele phapang pakeng tsa ka le dikarolo tsa TV.
3. Ke karolo efe eo o neng o e llele"
Nkile ka ya dipontshong tsa Rhythm City dilemong tse mmalwa tse fetileng ka fumana mosebetsi. Letsatsing le hlahlamang leo ke neng ke tla ya saena tumellano, ka lahlehelwa ke yona. Eitse ha ho hlaha ya Sylvester, ka bona hore Modimo o ne a ntlhophisetsa yona hobane ke ne ke sa tlo e bapala mmoho le ya Rhythm City.
4. Ke efe e nngwe e kgolo"
Ke sebetsa papading e qabolang e bitswang Stiff mme ke karolo e se nang bonokwane!
5. Ke efe tlotla e kgolo eo o seng o kile wa e fumana ka ho bapala"
Ha ke hlaha ho A Place Called Home, senyefodi se seng se ne se ngole hore ke bile thatohatsi ho Papa Action dilemong tse 10 tse fetileng mme ha ho sebapadi se kileng sa fihlela maemo ao, ka hoo ha ho motho ya neng a ka bapala karolo ya Sylvester ka bokgabane ho mpheta.
6. O ka hlolohelwang ha o le tjhankaneng"
Moradi wa ka Kagiso (8). O futsitse ntatae - o ne a qale ho tjeka a sa ntse a ithuta ho ema!
7. O ka thabela ho bapallwa pina efe bophelong ba hao"
Ya Randy Crawford, Knocking On Heaven's Door kapa ya Tupac.
8. O rata diaparo di fe"
Ha ke motho wa dikakanyo tse itseng empa ke rata Lacoste hobane le nna ke kwena ka pelong!
9. O qetetse neng ho tena sutu"
Mohla kopano le mesuwehlooho ya dikolo tsa Ekhuruleni ke batla ho ya kgothatsa barutwana mme ke ne ke jele koto ke tenne le baki. Bohle ba ne ba maketse!
10. Ba o tsebang, o ba makatsa kang"
Ha ke nwe haholo. Mohlomong ke nwa hane ka selemo! [s]
E bokeleditswe ke: Patricia McCracken
Setshwatsho: Peter Whitfield
TSA DINALEDI
